Vinkmag ad

La 20 Motšeanong 2025

Beke ea 5 ea Paseka

Labobeli

Ho baloa Bukeng ea Liketso tsa Baapostola. (14:18-27)

“Ba phetela Kereke kamoo Molimo a sebelitseng tse kholo ka bona.”

Matsatsing ao, Bajodi ba bang ba fihla, ba e-tsoa Antiokia le Ikonia ‘me ba thetsa bongata; eaba ba tlepetsa Paulosi ka majoe, ba mo hulela kantle ho motse ba hopola hore o shoele. Empa barutuoa ba mo teela hare, ‘me a tsoha, a ba a boela a kena motseng.

Ka le hlahlamang a tloha le Barnabase a leba Derbe. Motseng oo, ba bolela Molaetsa oa taba tse monate, ‘me ba fumana barutuoa ba bangata. Eaba ba khutlela Listra, Ikonia le Antioke, ba tiisa meea ea barutuoa ‘me ba ba khothaletsa ho phehella tumelong. Ba ba bolella, ba re: E ka khona re fete har’a matšoenyeho a mangata, ha re tla kena ‘Musong oa Molimo.

Kerekeng e ‘ngoe le e ‘ngoe, baapostola bao ba behela balumeli baholo, bao, kamor’a thapelo le boitimo ba ileng ba ba siea kalosong ea Morena eo ba lumetseng ho eena. Joale ba hahola Pisidia, ba fihla Pamfilia, ‘me ho ba ba bolele Lentsoe la Molimo Perge, ba theohela Attalia.

Ha ba tloha teng, ba kena sekepeng ho ea Antiokia, moo ba neng ba ile ba tloha teng ba behiloe mohaung oa Molimo, ho ea etsa mosebetsi oo ba neng ba o qetile joale. Hoba ba fihle Antiokia, ba phutha kereke ‘me ba pheta kamoo Molimo a sebelitseng tse kholo ka bona, le kamoo a buletseng balichaba monyako oa tumelo kateng. Eaba ba lula le barutuoa teng nako e teletsana.

PESALEMA 144

METSOALLE EA HAU, MORENA, E TSEBISOE LETLOTLO LA PUSO EA HAU.

Morena, mesebetsi ea hau kaofela e ke e u lebohe,

metsoalle ea hau e ke e u boke.

E ke e phatlalatse tlotla ea puso ea hau,

e ke e bolele matla a hau,

ho tsebisa bana ba batho matla a hau,

letlotlo le botumo ba puso ea hau.

Morena o tšepahala lipolelong tsohle tsa hae,

o mohau liketsong tsohle tsa hae.

O phethisa litakatso tsa ba mo tšabang,

o utloa mohoo oa bona ‘me oa ba pholosa.

Morena o baballa bohle ba mo ratang,

ba khopo bona o ba timetsa kaofela.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Joannes. (14:27-31)

“Ke le fa khotso ea ka.”

Ka nako eo, Jesu a re ho barutuoa ba hae: Ke le siela khotso, ke le fa khotso ea ka; ha ke le fe eona joaloka ha lefatše le fana ka eona. Pelo tsa lona li se ke tsa ferekana, leha e le ho tšaba. Le nkutloile ha ke re ho lona; Kea ea, ke boele ke khutlele ho lona. Hoja lea nthata, le ka be le thabile ha ke e-ea ho Ntate; hobane Ntate o moholo ho ‘na. Ke le bolella tsena e sa le joale, li e-s’o etsahale, hore mohla li etsahalang le lumele.

Ha ke sa na ho bua tse ngata le lona; hobane morena oa lefatše lena oa tla ‘me ha a na matla holim’a ka. Empa e ka khona lefatše le tsebe hore ke rata Ntate, ‘me kamoo Ntate a ntaetseng kateng, ke etsa joalo.

Vinkmag ad

Read Previous

La 19 Motšeanong 2025

Read Next

La 21 Motšeanong 2025

Most Popular