Vinkmag ad

La 19 Motšeanong 2025

Beke ea 5 ea Paseka

‘Mantaha

Ho baloa Bukeng ea Liketso tsa Baapostola. (14:5-17)

“Molaetsa oo re o tlisang ke hore le lahle masaoana ana, ‘me le sokolohele ho Molimo ea phelang.”

Matsatsing ao, ha hlaha letsoso le leholo la bahedene le la Bajodi, ba kopane le marena a bona, hore ba etse Paulosi le Barnabase hampe, ‘me ba ba tlepetse ka majoe. Ha baapostola ba utloa hona, ba balehela metseng ea Likaonia, e leng Listra le Derbe, le tikolohong ea eona. Teng ba bolela Molaetsa oa taba tse monate.

Monna e mong o n’a le teng Listra, ea holofetseng maoto, ea hlahileng e le seritsa, ea neng a sa ka a tseba ho tsamaea le ka mohla. O n’a mamela ha Paulosi a bua. Eitse ha Paulosi a mo talima, a bona hore o na le tumelo ‘me a ka folisoa. A bua ka lentsoe le phefa, a re: Ema ka maoto ‘me u otlolohe. Motho eo a tlolela holimo, a qala ho tsamaea.

Eitse ha matšoele a bona seo Paulosi a se entseng a hooa, a re ka se-Likaonia: Melimo e theohetse ho rona ka sebopeho sa batho! Ba bitsa Barnabase Zeuse, le Paulosi Hermese, hobane e ne e le eena sebui se seholo.  Moprista oa Zeuse, eo tempele ea hae e neng e le kantle ho motse, a tlisa khorong ea oona lipoho tsa likhomo tse khabisitsoeng ka lipalesa. Eena ‘moho le sechaba o n’a rata ho etsetsa baapostola bao sehlabelo.

Empa ha Barnabase le Paulosi ba utloa hoo, ba tabola liaparo tsa bona ‘me ba itahlela har’a letšoele, ba ntse ba hoa, ba re: Banna, le etsa joalo ka baka la’ng na? Le rona re batho ba shoang, ba tšoanang le lona. Molaetsa oo re o tlisang ke hore le lahle masaoana ana, ‘me le sokolohele ho Molimo ea phelang, ea entseng leholimo le lefatše, le leoatle, le tsohle tse ho tsona. Mehleng e fetileng o tlohetse lichaba tsohle hore li itsamaele ka tsela ea tsona. Empa leha ho le joalo, ha a ka a lesa ho ipaka ka ho etsa tse molemo, a le leholimong, ka ho fana ka lipula le ka linako tsa nala le ka ho etsa hore le khore, ‘me lipelo tsa lona li tlale thabo. Leha ba bua joalo, ba batla ba sitoa ho thibela matšoele ho ba etsetsa sehlabelo.

PESALEMA 113

TLOTLISO E SE NEHOE RONA, MORENA, EMPA E NEHOE LEBITSO LA HAU.

Tlotliso e se nehoe rona, Morena,

e se nehoe rona;

empa e nehoe lebitso la hau,

ka baka la mohau oa hau

le ka baka la ‘nete ea hau.

Molimo oa rona o leholimong,

tsohle tse mo khahlang oa li etsa.

Melimo ea bona ea litšoantšo ke silvera le gauda,

ke mosebetsi oa matsoho a batho.

Le ke le hlohonolofatsoe ke Morena,

ea entseng leholimo le lefatše.

Leholimo lona ke la Morena,

athe lefatše, lona o le nehile bana ba batho.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Joannes. (14:21-26)

“’Muelli eo Ntate a tla mo roma, ke eena ea tla le ruta tsohle.”

Ka nako eo, Jesu a re ho barutuoa ba hae: Ea nang le melao ea ka ‘me a e boloka, ke eena ea nthatang. ‘Me ea nthatang o tla ratoa ke Ntate; le ‘na ke tla mo rata ‘me ke tla iponahatsa ho eena.

Judase, e seng Iskariota, empa e mong a re ho eena: Morena ho ea ka’ng hore u tle u iponahatse ho rona, empa e seng ho lefatše na?

Jesu a araba, a re ho eena: Ha motho a nthata, o tla boloka lentsoe la ka; ‘me Ntate o tla mo rata, ‘me re tla tla ho eena, re ahe hammoho le eena. Ea sa  nthateng ha a boloke mantsoe a ka. ‘Me lentsoe leo le  le utloang, ha se la ka, empa ke la Ea nthomileng, ke la Ntate.

Ke le boleletse tsena ke sa ntsane ke e-na le lona. Empa ‘Muelli, Moea o Halalelang, eo Ntate a tla mo roma ka lebitso la ka ke eena ea tla le ruta tsohle, a be a le hopotse tsohle tseo ke le boleletseng tsona.

Vinkmag ad

Read Previous

La 17 Motšeanong 2025

Read Next

La 20 Motšeanong 2025

Most Popular