Lefu la Lupas ha le tšoaetsane, ha le fole empa ke lefutso ha pheko ea lona e le ho sebelisa litlhare tsa lona tsa bophelo bohle. Litaba tsena li boletsoe ke mokuli oa lefu lena Thabile Malinyane, puisanong ka mohala le Koranta ka la 7 Motšeanong monongoaha.
Malinyane o supa ha lefu lena le mo qalile ka khoeli Mphalane 2023, kamor’a ho longoa ke noha a le lapeng habo Ha Seoli, kamor’a moo o ile a qalella ho tsoa makhopho a masesane a neng a mo tlala ‘mele hoo khopolo ea lingaka e neng e le hore chefo ea noha ha e’a tsoa ‘meleng. O re makhopho ao a ne a sa hole hoo khopolo ea lingaka e neng e le hore joale e se be o na le lefu la tsoekere leo a ileng a hlahlojoa a fumanoa a se na lona.
O bontšitse hore kamor’a moo o ile a hlahlojoa hore na h’a na mofetše oa letlalo empa sephetho sa latola taba eo, ke moo ho ileng ha fumaneha hore o na le lefu la Lupas le bakoang ke masole a ‘mele a itoantšang, ‘me ho tloha a tsebile ho ne ho le thata ho fumana litlhare hobane li theko e holimo haholo. O re ho fumana tharollo o ile a ngola marang-rang a hae, a kopa thuso.
“Ke ile ka fumana mohala ho hlaha Setsing sa Health Direct, ka mooki e bile e le mothehi oa sona, ea ileng a qalella litlhahlobo tsaka le ho nthusa ka litlhare ‘me litšenyehelo tsohle li tsoa ho eena.” Ke Malinyane.
O re nqholotso e kholo ke hore motho oa lefu lena h’a be le meralo ea bophelo joaloka mang le mang hobane o lula a opeloa hoo litlhare tsa bohloko li seng li sa thuse. O re le mo bakela khatello ea maikutlo hobane neng-neng a ka tloha a sitoa ho robala, a tsoa mookola, a ohlola mali, mokhathala o boima hoo a sitoang ho tšoara letho, ho opeloa ke liphieo le ho bupetsana ho etsahalang nako eohle.
O re h’a sebetse o phela ka ho bapatsa likhoebo tsa batho marang-rang kapa a fuoa lithuso ke batho ba boithatelo bo botle kaha a lokela ho lefa ntlo ea bolulo mo a phelang teng. O bontšitse ha ka letsatsi bonyane a noa lipilisi tse 30 ho latela hore ka letsatsi leo o ikutloa joang le hoja ho le boima kaha litlhare tseo li sokoleha.
H’a phethela o itse lefu lena ha lea tloaeleha, ke lefutso ebile ha le tšoaetsanoe, ebile batho ba lefu lena ha ba bonahale mahlong kaha le ipata kahar’e le tlasa mafu a mang. A re ho bohlokoa hore bacha ba phamolele litaba tsena holimo ba ithute ka tsona kaha a na le tumelo ea hore batho ba bangata ba bolailoe ke lona ba sa tsebe. A re ekare litlhare li ka fumaneha mahala kaha a sebelisa bonyane M4,000.00 ho isa M7,000.00 ea ho reka litlhare ka tšehetso ea Health Direct.
Ho sa le joalo, Ramahlale oa Lipatlisiso ka Mafu a Mofetše le a sa tloaelehang Lekaleng la Bophelo, Dr. Sejojo Pharoe o hlalositse hore lefu la Lupas ke lefutso ‘me le bakoa ke masole a ‘mele a itoantšang le ho hlasela likarolo tsa ‘mele. A re Basotho ba hlahlobele lefu lena kaha mats’oao a lona e le mokhathala, ho khathala manonyeletso, makhopho a bang mafubelu, ho opeloa ke liphieo, pelo, matšoafo le ho ba le khatello ea maikuto kaha booko bo ameha.
O re leha sesosa sa lefu lena se e-s’o tsejoe empa pelaello ke hore ke lefutso ‘me le kotsi ha le fumanoa nako e se e ile.
Ho ea ka liphuputso tse e ntsoeng ke Mokhatlo oa Lupas America, lefu lena le ts’oara bonyane batho ba 1.5 millione lefatšeng ‘me 90% ke basali.
