Vinkmag ad

La 9 Motšeanong 2025

Beke ea 3 ea Paseka

Labohlano

Ho baloa Bukeng ea Liketso tsa Baapostola. (9:1-20)

“Motho eo, ke sejana seo ke ikhethetseng sona ho isetsa balichaba lebitso la ka.”

Matsatsing ao, Saule, kaha a n’a bipelane ke litšokelo tsa lipolao tsa barutuoa ba Morena, a ea ho moprista e moholo, ‘me a mo kopa mangolo a ho ea matlung a thapelo a Damaseka, e le hore haeba teng a ka fumana banna le basali ba joalo, a ba tlise Jerusalema ba tlamiloe.

Eare a sa le tseleng, ha etsahala hore, h’a atamela Damaseka, ka nako le motsotso khanya e tsoang leholimong e mo teele hare. Hoba a oele fatše, a utloa lentsoe le reng ho eena: Saule, Saule, u ntlhorisetsa’ng na? Eena a re: U mang, Morena? Lentsoe la re: Ke ‘na Jesu eo u mo hlorisang. Ho thata ho uena ho raha tsenene. Eena a tšohile, a bile a nts’a thothomela, a re: Morena, u rata ke etse’ng? Morena a re ho eena: Tsoha, u kene motseng, ‘me teng u tla bolelloa seo u tšoanetseng ho se etsa.

Ha e le banna ba neng ba mo felehelitse, ba ne ba eme, ba hloletsoe, kaha ba ne ba utloa lentsoe, empa ba sa bone motho. Eaba Saule o tsoha fatše, ‘me leha a re oa sheba, a se ke a bona letho. Ba mo tataisa ka letsoho, ho ea mo fihlisa Damaseka, moo a hlotseng matsatsi a mararo a sa bone, a sa je, leha e le ho noa.

Ho n’o le teng Damaseka morutuoa ea bitsoang Ananiase. Morena a bua le eena ponong, a re: Ananias! Eena a re: ke ‘na enoa Morena! Eaba Morena o re eena: Ema, u ee seterateng se bitsoang Se-otlolohileng, ‘me ka tlung ea Juda, u batle motho ea bitsoang Saule oa Tarse. O ntse a rapela, ‘me o bontšitsoe monna ea bitsoang Ananias a kena, a ‘meha matsoho hore a boele a bone. Ananias a araba, a re: Morena, ke utloile tsa monna eo ka ba bangata, kamoo a entseng bahalaleli ba hau hampe kateng Jerusalema.

Le mona, marena a baprista a mo file matla a ho tlama bohle ba rapelang lebitso la hau. Empa Morena a re ho eena: E-ea hobane motho eo, ke sejana seo ke ikhethetseng sona ho isetsa balichaba, marena le bana ba Israele lebitso la ka. ‘Me ke tla mo bontša hore na o tla lokela ho utloa bohloko hakae ka baka la lebitso la ka.

Eaba Ananias oa ea, o kena ka tlung eo, ‘me o mo beha matsoho, a nts’a re: Saule, ngoan’eso, Morena Jesu, eena ea ileng a ipontša ho uena tseleng eo u neng u e-tla ka eona, o nthomile hore u tl’u boele u bone, ‘me u tlale Moea o Halalelang.

‘Me hang ha oa mahlong a hae ntho tse kang makhakhapa, eaba oa bona. Eare hoba a eme, a hlatsuoa hona hoo. Eitse ha a se a jele, a boela a matlafala. A hlola matsatsinyana le barutuoa ba neng ba le Damaseka, a phakisa ho ruta matlung a lithapelo tsa Bajodi hore Jesu ke eena Mora oa Molimo.

PESALEMA 116

E-EANG KA LEFATŠE LOHLE, LE PHATLALLETSE LIBOPUOA TSOHLE MOLAETSA OA TABA TSE MONATE.

Rorisang Morena, lona lichaba tsohle.

mo tlotliseng, lona merabe eohle.

Hobane mohau oa hae ho rona o matla.

le ‘nete ea Morena ke e sa feleng.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Joannes. (6:53-60)

“Nama ea ka ke sejo kannete ‘me mali a ka ke seno kannete.”

Ka nako eo, Bajodi ba ne ba phehisana khang, ba re: Eo a ka re fa nama ea hae joang, ra e ja na? Eaba Jesu o re ho bona: Kannete-nete, ke re ho lona, ha le sa je nama ea Mor’a Motho le sa noe mali a hae, le ke ke la ba le bophelo ka ho lona. Ea jang nama ea ka, a e-noa mali a ka, o na le bophelo bo sa feleng, ‘me ke tla mo tsosa ka letsatsı la bofelo. Hobane Nama ea ka ke sejo kannete, ‘me mali a ka ke seno kannete.

Ea jang nama ea ka, a e-noa mali a ka, o lula ho ‘na, le ‘na ho eena. Joaloka ha Ntate ea phelang a nthomme, ‘me ‘na ke phela ka Ntate, le eena ea ntjang o tla phela ka ‘na. Bohobe bona ke bona bo theohileng leholimong. Ha bo tšoane le boo bo-ntat’a lona ba ileng ba bo ja ‘me ba e shoa: ea jang bohobe bona o tla phela ka bosafeleng. Taba tsena o ile a li bolela, a ruta tlung ea thapelo ea Bajodi Kafarnauma.

Vinkmag ad

Read Previous

La 8 Motšeanong 2025

Read Next

U tseba ka lefu la Lupas?

Most Popular