Vinkmag ad

La 8 Motšeanong 2025

Beke ea 3 ea Paseka

Labone

Ho baloa Bukeng ea Liketso tsa Baapostola. (8:26-40)

“Haeba u lumela ka pelo ea haU eohle, u ka hlatsuoa.”

Matsatsing ao, lenyeloi la Morena la bolella Filippi, la re: Tloha, u ee ka nqa ea Boroa, tseleng e theohang Jerusalema ho ea Gaza. Ha e na batho. A tloha, a kena tseleng. Joale monna e mong oa Ethiopia, eo e neng e le lehlahana, letona la mofumahali oa Ethiopia, Kandace, le molisa oa matlotlo a hae ‘ohle, o n’a ile Jerusalema ka leeto la thapelo. O n’a boela hAe, a palame kariki, a nts’a bala moprofeta Isaia.

Moea o Halalelang oa re ho Filippi: Phalla, u tšoare kariki eane. Filippi a mathela ho eona, a mo utloa a bala moprofeta Isaia, ‘me a re ho eena: Na ekaba u utloisisa seo u se balang? Eena a re: Nka utloisisa joang, ho se motho ea ntataisang? A kopa Filippi hore a hloe, a palame le eena.

Temana ea Mangolo eo a neng a e bala ke ena: o isitsoe hlabong joaloka nku: joaloka konyana e khutsitseng pel’a mokuti oa eona, ha a ka a ahlamisa molomo. Mohla a neng a nyenyefatsoa, ha hoa ka ha lateloa toka. Ana ke mang ea tla bolela leloko la hae? Hobane bophelo ba hae bo tlositsoe lefatšeng.

Eaba lehlahana lena le bua le Filippi, le re: Ak’u mpolelle na moprofeta o bolela tsena ka mang: ke ka eena kapa ka e mong? Filippi a mo araba, a qala ka mantsoe ana a Mangolo, a mo ruta tsa Jesu.

Ha ba ntse ba tsamaea tseleng, ba fihla moo metsi a leng teng, ‘me lehlahana la re: Metsi ke ana. Ho ka nthibelang ho hlatsuoa ke’ng? Filippi a re: Ha eba u lumela ka pelo ea hau eohle u ka hlatsuoa. Eena a araba, a re: Ke lumela hore Jesu Kriste ke Mora oa Molimo. Eaba o emisa kariki.

Bobeli ba bona ba theohela metsing, Filippi le lehlahana lena, ‘me a le hlatsoa. Eitse ha ba tsoa metsing, Moea oa Morena oa nka Filippi, eaba lehlahana ha le sa ‘mona. La ikela ka tsela ea lona, le thabile.

Ha e le Filippi, a iphumana a se a le Azote, ‘me o n’a ruta lebitso la Morena Jesu Kriste metseng eohle eo a neng a feta ho eona ho ea fihla Cesarea.

PESALEMA 65

ETSETSANG MOLIMO LITLATSE, LONA MAFATŠE ‘OHLE.

Lona lichaba, bokang Morena Molimo oa rona,

Thoriso ea hae e ke e lume ka hohle.

Ke eena ea re fileng bophelo,

Ea sa kang a tlohella maoto a rona ho rerekela.

Lona bohle ba tšabang Molimo, tlohong, le utloe:

ke tla le phetela seo a nketselitseng sona.

Ka hoeletsa ho eena ka molomo oa ka,

ka mo phafa ka leleme la ka.

Ho bokoe Morena ea sa kang a nena thapelo ea ka,

 ‘me ea sa kang a ntima mohau oa hae.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Joannes. (6:44-52)

“Ke ‘na bohobe bo phelang bo theohileng leholimong.”

Ka nako eo, Jesu a re ho matšoele: Ha ho motho ea ka tlang ho ‘na, ha e se ha Ntate ea nthommeng a ka mo hula. ‘Me ‘na ke tla mo tsosa ka letsatsi la bofelo. Bukeng tsa baprofeta ho ngotsoe ho thoe: Bohle ba tla rutoa ke Molimo. Mang le mang ea utloang thuto ea Ntate, ‘me a ithuta eona, o tla ho ‘na. Ha ho e-s’o be motho ea kileng a bona Ntate, ka ntle ho ea tsoang ho Molimo: eena o bone Ntate.

Kannete-nete ke re ho lona, ea lumelang ho ‘na o na le bophelo bo sa feleng. Ke ‘na bohobe ba bophelo. Bo-ntat’a lona ba ile ba e-ja manna feelleng, empa ba e-shoa. Bohobe bona ke bona bo theohileng leholimong, e le hore ea bo jang a se ke a shoa.

Ke ‘na bohobe bo phelang bo theohileng leholimong. Ha motho a e-ja bohobe bona, o tla phela ka bosafeleng. ‘Me bohobe boo ke tla fana ka bona ke nama ea ka, bakeng la bophelo ba lefatše.

Vinkmag ad

Read Previous

La 7 Motšeanong 2025

Read Next

La 9 Motšeanong 2025

Most Popular