Labone
Sehopotso sa Josefa ea Halalelang, Mosebetsi
Ho baloa Bukeng ea Genese. (1:26-2:3)
“Le tlale lefatše, le le buse.”
Molimo a re: A re etseng motho ka setšoantšo sa rona le ka tšoano le rona, a rene holim’a lihlapi tsa leoatle, linonyana tsa leholimo, liphoofolo tse ruiloeng, tse hlaha le lihahabi tsohle tse hahabang fatše.
Molimo a bopa motho ka setšoantšo sa hae, a mo bopa ka setšoantšo sa Molimo, a ba bopa e le e motona le e motšehali. Molimo a ba hlohonolofatsa, a re ho bona: Atang le ngatafale, le tlale lefatše, le le buse, le rene holim’a lihlapi tsa leoatle, linonyana tsa leholimo le tsohle tse phelang tse hahabang fatše.
Molimo a re: Ke le file majoang ‘ohle a behang lipeo a ka bophara ba lefatše lohle, le lifate tsohle tse behang litholoana tse nang le peo, hore e be lijo tsa lona.
Ha e le liphoofolo tsohle tse hlaha, linonyana tsohle tsa leholimo, tsohle tse hahabang fatše, tse nang le phefumoloho ea bophelo, ke li file litlama-tlama tsohle tse tala hore e be lijo tsa tsona.
‘Me ha e-ba joalo. Molimo a bona tsohle tseo a li entseng, ‘me ho ne ho lokile haholo. Ea e-ba mantsiboea ea e-ba hosasa: ke lona letsatsi la botšelela.
Leholimo le lefatše tsa phethahala joalo, hammoho le makhotla ‘ohle a tsona. Ka letsatsi la bosupa, Molimo a phethahatsa mosebetsi oo a o entseng, ‘me ka letsatsi la bosupa a phomola mosebetsing oohle oo a o entseng.
Pesalema 89
MORENA, ATLEHISA MOSEBETSI OA MATSOHO A RONA.
Morena, u bile setšabelo sa rona
ho tloha molokong ho isa molokong.
Pele lithaba li ka ba teng,
lefatše le lintho tsohle li e-s’o hlahe,
ho tloha neng ho isa neng, ke uena Molimo.
U busetsa motho leroleng,
u re: Boela moo u tsoang, ngoan’a Adama.
Mahlong a hau lilemo tse sekete
li ka letsatsi la maobane le seng le fetile,
li ka hora ea phalimeho ea bosiu.
Re rute ho hlophisa matsatsi a rona,
re tle re rue bohlale ba ‘nete.
Khutla, Morena, u liehela’ng?
Qenehela bahlanka ba hau.
U re khorise mohau oa hau e sa le hoseng,
re tle re nyakalle,
re thabe bophelong bohle ba rona.
Bontša bahlanka ba hau mosebetsi oa hau,
le bana ba bona khanya ea hau.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (13:54-58)
“Na ha se eena mor’a ‘metli oa mapolanka? O li nkile kae tsena kaofela?”
Ka nako eo, Jesu a fihla motseng oa habo, a ruta batho tlung ea thapelo. Ba ne ba tsota ba re: Bohlale bona le mehlolo ena, enoa o li nkile kae? Na ha se eena mora oa ‘metli oa mapolanka? Na ‘m’ae ha se ea bitsoang Maria, le bana babo ha se Jakobo, Josefa, Simone le Juda? Le likhaitseli tsa hae tsohle ha li moo har’a rona? Ha ho le joalo, o li nkile kae tsena kaofela?
Ba ne ba khopiseha ka eena. Empa Jesu a re ho bona: Ha ho moo moprofeta a hlompholloang ha e se motseng oa habo le lapeng labo. ’Me ka baka la ho se lumele ha bona, ha a ka a etsa mehlolo e mengata moo.
