Vinkmag ad

La 29 ‘Mesa 2025

Beke ea 2 ea Paseka

Labobeli

Ho baloa Bukeng ea Liketso tsa Baapostola. (4:32-37)

“Balumeli bohle ba ne ba le pelo-nngoe le moea o le mong.”

Balumeli bohle ka bongata ba bona ba ne ba le pelo-nngoe le moea o le mong. Ho ne ho se ea reng seo a se ruileng ke sa hae, empa tsohle e le tsa bohle. Baapostola ba ne ba paka tsoho ea Jesu Kriste, Morena oa rona, ka matla a maholo, ‘me bohle ba ne ba ratoa haholo ke batho.

Hape ho n’o se mohloki har’a bona, hobane bohle ba nang le masimo kapa matlo ba ne ba a rekisa, ba tlisa chelete ea tseo ba li rekisitseng, ba e beha maotong a baapostola, ‘me e mong le e mong o n’a aroleloa kamoo a hlokang kateng. Josefa, eo baapostola ba ileng ba mo reha Barnabas, ke ho re Mora tšeliso, mo-Levi eo e neng e le letsoalloa la Kipra, o n’a e-na le tšimo. A e rekisa, ‘me a tlisa chelete ea eona, a e beha maotong a baapostola.

PESALEMA 92

MORENA KE KHOSI, O APERE BOTLOTLEHI

Morena ke khosi, o apere botlotlehi.

Morena o apere matla, o itlamme ka ‘ona thekeng.

Ka hoo lefatše le tiile,

le ke ke la sisinyeha.

Terone ea hau ha e sa le e tiile

ho tloha tšimolohong.

Ho tloha khale u nts’u le teng.

Litemoso tsa hau li tsitsitse e le kannete,

khalalelo e khabisa ntlo ea hau, Morena,

kamehla le mehla.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Joannes. (3:7-15)

“Ha ho ea nyolohetseng leholimong, ha e se ea theohileng leholimong, e leng Mor’a motho.”

Ka nako eo, Jesu a re ho Nikodema: Se makale ha ke itse ho uena: e ka khona le tsoaloe la bobeli. Moea o fokela moo o ratang: u utloa molumo oa oona, empa u sa tsebe moo o tsoang teng le moo o eang teng: ho joalo le ho mang le mang ea tsoetsoeng ke Moea.

Nikodema a araba a re ho eena: Hona ho ka etsahala joang? Jesu a fetola, a re ho eena: Uena u moruti oa Israele, ‘me ha u tsebe tsena! Ka ‘nete- nete, kea u bolella, re bua ka seo re se tsebang, ‘me re paka seo re se boneng, empa ha le amohele bopaki ba rona. Ekare ha le sa lumele ha ke le bolella tsa lefatše, le tla lumela joang ha ke le bolella tsa leholimo?

Ha ho ea nyolohetseng leholimong, ha e se ea theohileng leholimong, e leng Mor’a motho. Joalokaha Moshe a n’a phahamisetse noha holimo feelleng, e ka khona Mor’a Motho a phahamisoe joalo, e le hore mang le mang ea lumelang ho eena a tle a be le bophelo bo sa feleng.

Vinkmag ad

Read Previous

La 28 ‘Mesa 2025

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular