Beke ea Mahlomola
‘Mantaha
Ho baloa Bukeng ea Moprofeta Isaia. (42:1-7)
“A ke ke a hoeletsa, leha e le ho phahamisa lentsoe.”
Ke sena seo Morena Molimo a se bolelang: Ke eo mohlanka oa ka, eo ke mo emelang, mokhethoa oa ka eo ke khahloang ke eena. Ke mo sitsitse ka moea oa ka, hore a tle a tlisetse lichaba toka.
A ke ke a hoeletsa, leha e le ho phahamisa lentsoe kapa hona ho etsa hore le utloahale litseleng. A ke ke a poma lehlaka le robehileng, kapa a tima lebone le taitsang. O tla tlisa toka e le ka ‘nete. A ke ke a thekesela leha e le ho nyahama pelo, pele a ka hloma toka lefatšeng; hobane lihleke-hleke li lebeletse taelo tsa hae.
Ke sena se boleloang ke Morena, ea bopileng maholimo, a ba a a phutholla, ea alileng lefatše le e-na le tsohle tse melang ho lona, ea fileng batho ba ho lona phefumoloho, le bophelo ho ba tsamaeang ho lona.
‘Na ke le Morena, ke u bilelitse ho lokeng, ka tšoara letsoho la hau, ka u bopa ‘me ka u behela ho ba selekane sa sechaba le leseli la lichaba, ho tutubolla mahlo a lifofu, ho ntša ba holehiloeng litlamong le ba lutseng lefifing lichankaneng.
PESALEMA 26
MORENA KE LESELI LA KA LE PHOLOHO EA KA.
Morena ke leseli la ka le pholoho ea ka,
nka tšaba mang?
Morena ke tšireletso ea bophelo ba ka,
nka tšosoa ke mang?
Ba babe ba mphutuhela ho nkharola,
empa ke bona lira tsa ka le ba ntoantšang
ba khothometsehang ba be ba oe.
Leha mphi ea lira e ka lara pel’a ka,
pelo ea ka e ke ke ea tšoha letho.
Ke kholoa ruri hore ke tla bona molemo oa Morena
lefatšeng la ba phelang.
Tšepa Morena, u tšoare u tiee;
beta pelo, u tšepe Morena.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Joannes. (12:1-11)
“Mo leseleng! Setlolo sena o n’a se boloketse letsatsi la kepelo ea ka.”
Matsatsi a tšeletseng pele ho Paseka, Jesu a tla Bethania, moo Lazaro a neng a le teng, eena eo Jesu a neng a mo tsose bafung. Ba mo lokisetsa lijo teng. Maretha o n’a sebeletsa. Lazaro e n’e le e mong oa ba lutseng le eena tafoleng. Maria a nka pondo ea setlolo se theko e phahameng, sa nareda ea ‘nete, ‘me a tlotsa maoto a Jesu ka sona, a ba a a hlakola ka moriri oa hae; ‘me ntlo ea tlala monko oa setlolo.
Eaba Judas Iskariota, e mong oa barutuoa ba hae, eena ea neng a tla mo eka, o re: Ke ka baka la’ng setlolo sena se sa kang sa rekisoa makholo a mararo a lidenare, tsa neoa mafutsana na? O n’a rialo, eseng ka baka la hobane o n’a tsotella mafutsana, empa kahobane e n’e le lesholu; ke eena ea neng a tšoara mokotlana oa chelete, ‘me o n’a inkela se beoang teng.
Jesu eena a re: Mo leseleng; setlolo sena o n’a se boloketse letsatsi la kepelo ea ka. Efela mafutsana le tla ne le be le ‘ona ka mehla, empa ha e le ‘na, ha le na ho ba le ‘na kamehla.
Bajodi ba bangata ha ba utloa hore Jesu o teng moo, ba tla, e seng ka baka la Jesu feela, empa le ka ho tla bona Lazaro, eo a neng a mo tsositse bafung.
Marena a baprista a rera ho bolaea le eena Lazaro, ka hobane Bajodi ba bangata ba ne ba hlobohana le bona ka baka la hae, ‘me ba lumela ho Jesu.
