Beke ea 5 ea Karisima
Labohlano
Ho baloa Bukeng ea Moprofeta Jeremia. (20:10-13)
“Morena o eme le ‘na joaloka mohale ea matla.”
Ka utloa ba bangata ba ntšeba, ba re: “Ka hohle hoa tšabeha! Mo qoseng, le rona a re mo qoseng.” Bohle bao e neng e le metsoalle ea ka ba ne ba lebella hore ke khoptjoe, ba re: “Mohlomong a ka qhekelleha, ra mo hlola, ra iphetetsa ho eena.”
Empa Morena o eme le ‘na joaloka mohale ea matla; ka baka leo ba ntoantšang ba tla khothometseha, ba hloloe. Ba tla ba lihlong haholo, hobane ba sitoa ho atleha; hona e tla ba tlontlollo e sa feleng, e ke keng ea lebaleha.
Morena oa makhotla, uena ea hlahlobang ea lokileng, ea tsebang hantle lipelo le maikutlo a batho, a nke ke bone boiphetetso ba hau ho bona, hobane ke behile taba ea ka matsohong a hau. Binelang Morena, rorisang Morena, hobane o namoletse bophelo ba mohloki liatleng tsa ba khopo.
PESALEMA 17
MATŠOENYEHONG A KA, KA HOELETSA HO MORENA, ‘ME O UTLOILE LENTSOE LA KA.
Kea u rata, Morena,
uena matla a ka.
Morena ke lefika la ka,
qhobosheane ea ka le molopolli oa ka.
Molimo oa ka ke lefika,
leo ke tšabelang ho lona, ke thebe ea ka,
ke lenaka leo ke koebang ka lona,
le lerako le nqobeletsang.
Ka hoeletsa ho Morena
ea lokeloang ke thoriso eohle,
eaba ke pholoha lireng tsa ka.
Maqhubu a lefu a ne a nkopetse hare,
liphororo tsa timelo li ne li ntutla.
Ke ne ke tletsoe ke litlamo tsa Qalo-ea-bafu,
‘me maraba a lefu a ne a nchehile.
Matšoenyehong a ka, ka hoeletsa ho Morena,
ka ikopela thuso ho Molimo oa ka;
O utloile lentsoe la ka a le tempeleng ea hae,
mohoo oa ka oa fihla litsebeng tsa hae.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Joannes. (10:31-42)
“Ba ne ba rata ho mo tšoara, empa a phonyoha matsohong a bona.”
Ka nako eo, Bajodi ba thonaka majoe ho tlepetsa Jesu. A re ho bona: Ke le bontšitse mesebetsi e mengata e metle, e tsoang ho Ntate; ebe le ntlepeletsa ofe ho eona? Bajodi ba mo araba, ba re: Ha se ka baka la mosebetsi o motle re u tlepetsang, empa e le ka baka la nyefolo: kahobane, ere u le motho, u iketsa Molimo.
Jesu a re ho bona: Ana ha hoa ngoloa Molaong oa lona, ho thoe: Ke itse le melimo? Ha ho le joalo, Molao o bitsa ba ileng ba bolelloa Lentsoe la Molimo melimo ‘me Mangolo a ke ke a etsolloa. Joale ‘na eo Ntate a mo tlotsitseng ‘me a mo romileng lefatšeng, lona le ka re joang ho ‘na: Ua nyefola, hobane ke itse: Ke Mora oa Molimo!
Ha eba ke sa etse mesebetsi ea Ntate, se ntumeleng; empa ha ke e etsa, leha le sa batle ho lumela ‘na, lumelang mesebetsi ‘me le tsebe ruri hore Ntate o ho ‘na le ‘na ke ho eena.
Ba ne ba rata ho mo tšoara, empa a phonyoha matsohong a bona. A boela a ikela mose ho Jordane, moo Joannes a neng a hlatsoetsa teng pele, ‘me a lula teng. Ba bangata ba ile ba tla ho eena; ba ne ba re: Joannes ha a ka a etsa mohlolo le o mong; empa tsohle tseo Joannes a li boletseng ka enoa, ke ‘nete. ‘Me ba bangata ba lumela ho eena.
