Vinkmag ad

Ha ho tjaka tlhoka koli

Morero oa Metsi a Lihlaba tsa Lesotho (LHDA) e tšoere ‘moka oa selemo le selemo moo ba tšohlang liqholotso le likatleho tseo ba li fihletseng, ho tloha Ha Katse, ‘Muela le Polihali, Maseru ho tloha ka la 26 ho isa la 27 Tlhakubele monongoaha.

Mookameli oa LHDA Tente Tente o hlalositse hore ba hloka sechaba se be le tšepo mosebetsing oa metsi a lihlaba, kaha o tla tsoelapele ho ntlafala le ho arabela litlhoko tsa mebuso e ‘meli ha ba sebetsa ‘moho. A re ba lula ba tsitsitse litabeng tsa bona ho sechaba se amehileng le ho leka mekhoa eohle ho bona hore sechaba sea ntlafala.

A re ba hloka ho nka boeletsi ba sechaba ba tsebe ho tsoelapele ho ntlafala le ho sebetsa ‘moho le mekhatlo, hobane sepheo se seholo ke hore ba kopanye matsoho ba tle ka litharollo tse feletseng litabeng tse amanang le morero le sechaba.

Ke hona ‘mokeng ona, moo ‘Musi oa Setereke sa Butha-Buthe Tšepa Chaba, a bontšitseng hore LHDA e etsa mosebetsi o motle empa ha e tsamaisi litaba tsa khiro ea sechaba literekeng ka tsela e nepahetseng, ka hona ho bohlokoa hore e ikamahanye le litaba tsa sechaba le ho bona hore e phethahatsa merero eo ba e tšepisitseng sechaba.

Ha ‘Musi oa Setereke sa Maseru Tšepo Lethobane, a kopile morero ho etsa tšalo morao litabeng tseo o li tšepisitseng sechaba. O re ba tšoere mamphele ka sekotlo hobane sechaba se seboko ke ts’ebetso e bohlasoa ea morero le mekonteraka e etsang mosebetsi kaha ba sa natse sechaba ba its’ebeletsa feela.

Ho feta mona baemeli ba sechaba ba libakeng tseo morero o sebetsang ho tsona,  ba tekile likatleho le liqholotso tseo ba tobaneng le tsona ts’ebetsong ea bona.

Obert Morojele ho hlaha Mokhotlong, Maluba-lube, o hlalohlalositse hore LHDA e fane ka matšeliso ho sechaba sohle ho se khethollo, ka hoo sechaba se qalelle ho koetlisoa ka litaba tsa likoporasi le merero e meholo e le hore ba tle ba tsebe ho ikemela.

O itse boholo ba batho ba Mokhotlong ba hloka ho fuoa chelete ea bona e feletse, empa qetellong ba fuoe lithupelo ka tšebeliso ea lichelete. A  re boholo ba merero ea boipheliso ea sechaba e shoele hobane LHDA e ne e sa etsa lipatlisiso tse feletseng hore na ba hloka’ng, kaha kahar’a  merero e ileng ea fanoa ho phela e meraro feela.  A re melata e bonahala e sa hoebisane le Basotho haholo Machaena a sebetsang ka Polihali, ‘me e bang morero o sa buisane ka litaba tsena le ho li sebetsa ba ntse ba ipua e le sechaba sa Mokhotlong, ho emisa ts’ebetso ea morero le hoja ba tseba hore e na le litlamorao.

Tsotang Piti ho hlaha Likalaneng, Ha Mohale, o supile hore morero o etsa mosebetsi o motle empa o lokela ho phethahatsa litšepiso tsa ona ho sechaba, metse e fallisitsoeng sechaba sa eona se fetohile mafutsana ka lebaka la tahlehelo ea masimo le makhulo, ha ba fuoe tlhabollo ea ho phela libakeng tseo ba sa kang ba tloaela ho phela ho tsona. A ipiletsa hore ba ke ba rupele baithuti ba metseng ena, hore qetellong bacha ba libaka tseo ba tsebe ho iketsetsa.

Leha hole joalo, sechaba sa Katse se thoholelitse LHDA ka ho lokisa litaba tsa tikoloho, ho bona hore ba sireletsa mekhoabo le makhulo le ho ba   tšehetsa ka litaba tsa bochaba. Ba boetse ba re le bacha ba se ba fumana mesebetsi ka sebakeng sa lihloliloeng. A re ba kopa ho lokisoe litsela tse kenellang kahar’a metse, molemong oa hore bahahlauli ba tsebe ho fihla libakeng.

O khothalelitse hore litsiane tsohle tse kenang kahar’a naha ka lebaka la morero li ke li fuoe LHDA, li tlosoe matsohong a ‘muso e le karolo ea ho nolofaletsa LHDA ho etsa mosebetsi.

Mookameli oa Morero oa Polihali Gerard Mokone, o itse ba lokela ho amohela hore ho na le tiehiso ea ho lefshoa ha batho, ba batla ba sa lumellane hantle le boetapele ba sechaba kaha tlhahlobo ea manane a batho  ba neng ba ngolisitsoe ho hiroa tšebetsong ea morero e ntse e  etsoa. A re manane ao a hlahlobiloe e le ba hiriloeng le ba sa hiroang. O re litabeng tsa mats’eliso sechaba sa Polihali se arotse ka libaka ‘me ba fana ka ona ba ipapisitse le hore na libaka tseo ba tl’o li ama ke life.

O re batho ba tl’o angoa ha ba fuoe matšeliso pele ba ameha, ‘me khothaletso ke hore batho ba e-s’o angoe ba tsoelepele ho hlahisa lijo masimong a bona ho fihlela nako ea ho emisa e fihlile.

Ka lehlakoreng le leng, Mekhatlo e Ikemetseng, e hlalositse hore morero o lokela ho ela hloko litaba tsa Litokelo tsa Mantlha tsa Botho, ha ho etsoa melao, maano le litaba tsa sechaba li lokela ho kenella litabeng tsohle. E re hona ho tla thusa hore sechaba se kenye letsoho ntlafalong ea morero le kabong  ea mesebetsi kaha ba tla le monyetla oa ho bona tsela eo lintho li tsamaeang ka eona.

E re ha ho ntlafatsoa sechaba LHDA e lokela ho se khetholle empa e  kenyeletse batho bohle litabeng tsa merero e meholo haholo litabeng tsa ntlafalo ea moruo joaloka merero ea ntlafalo ea sechaba.

Vinkmag ad

Read Previous

Moruo o theohile

Read Next

RSL e nanabetsa letsoho

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular