Vinkmag ad

La 13 Tlhakubele 2025

Beke ea pele ea Karisima

Labone

Ho baloa Bukeng ea Esthere. (14:1.3-5.12-14)

“Ha ke na mothusi, ha e se uena, Morena.”

Ka nako eo Mofumahali Esthere a tšabela ho Morena, a imetsoe ke tšabo ea lefu. A rapela Morena, Molimo oa Israele, joana: Morena oa ka, ke uena Khosi ea rona, uena u inotši! Ntlhahe thusong, hobane ke inotši, ha ke na mothusi ha e se uena, ‘me ke beha bophelo ba ka kotsing.

Ha esale ho tloha tsoalong ea ka, ke rutiloe ke ba leloko l’eso hore uena, Morena, u ile ua khetha Israele har’a lichaba tsohle, le bo-ntat’a rona har’a baholo bohle ba bona, hore e be lefa la hau ho isa khale, ua ba ua phethahatsa tsohle tseo u neng u ba baletse tsona.

Morena, se lebale ho iponahatsa nakong ena ea matšoenyeho a rona. Ha e le ‘na, mphe sebete, Khosi ea melimo eohle, uena mong’a mebuso eohle. Etsa hore ke bue ka bokheleke ha ke hlaha pel’a tau, ‘me u ntlhahe thusong, hobane ke inotši, ha ke na mothusi ha e se uena, Morena.

PESALEMA 137

U N’U NKARABE HA KE HOELETSA HO UENA MORENA.

Morena, ke u boka ka pelo ea ka eohle,

ke u roka ka lifela pel’a manyeloi.

Ke itihela fatše

kapel’a tempele e halalelang ea hau,

‘me ke boka lebitso la hau,

ka baka la mohau oa hau le ‘nete ea hau.

Hobane u phahamiselitse lebitso la hau,

ka holim’a tsohle.

U n’u nkarabe ha ke hoeletsa ho uena,

ua fa pelo ea ka matla a macha.

U tla nqobeletsa khalefong ea lira tsa ka,

u otlolle sephaka sa hau

’me letsoho la hau le mpholose.

 Morena o tla phethahatsa

merero eohle ea hae holim’a ka.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (7:7-12)

“Mang le mang ea kopang, oa amohela.”

Ka nako eo, Jesu a re ho barutuoa ba hae: Kopang, le tla fuoa; batlang, le tla fumana; kokotang, le tla buleloa. Efela mang le mang ea kopang oa fuoa, ea batlang oa fumana, ‘me ea kokotang o tla buleloa. Hona ke mang oa lona eo, ekareng ha mora oa hae a mo kopa bohobe, eaba o mo fa lejoe na? Kapa ha a mo kopa tlhapi, ebe o mo fa noha?

Ha ho le joalo, ha lona le leng babe le tseba ho fa bana ba lona limpho tse molemo, Ntat’a lona ea maholimong eena o tla fana haholo hakakang ka tse molemo ho ba mo kopang!

Ha ho le joalo, tsohle tseo le ka ratang hore batho ba le etse tsona, le lona le ba etse tsona: ke ona Molao le Baprofeta.

Vinkmag ad

Read Previous

La 12 Tlhakubele 2025

Read Next

La 14 Tlhakubele 2025

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular