Vinkmag ad

La 10 Tlhakubele 2025

Beke ea pele ea Karisima

‘Mantaha

Ho baloa Bukeng ea Levitike. (19:1-2.11-18)

“U ahlole mohaeno ka toka.”

Morena a bua le Moshe, a re: Bua le phutheho eohle ea bana ba Israele, u re ho eona: Le halalele, hobane ‘na Morena Molimo oa lona, kea halalela.

Le se ke la utsoa, le se ke la bolela leshano leha e le ho thetsa ba habo lona. Le se ke la hlapanya ka bohata ka lebitso la ka; hona e ka ba ho tlontlolla lebitso la Molimo oa hau. Ke ‘na Morena!

U se ke ua tlatlapa kapa ua utsoetsa mohaeno. Moputso oa letsatsi oa mohiruoa oa hau o se ke oa sala matsohong a hau ho fihlela letsatsi le hlahlamang. U se ke ua rohaka ea tsebe-tutu, le teng u se ke ua beha letho pel’a sefofu le ka se khopang, empa u tšabe Molimo oa hau. Ke ‘na Morena!

U se ke ua hloka toka likahlolong tsa hau. U se ke ua emela mofutsana leha e le ho thahasella ea ka sehloohong, empa u ahlole mohaeno ka toka. U se ke ua tsamaea kahohle u etselletsa bang-ka-uena, leha e le ho qosa mohaeno ka leshano, hore a tle a bolaoe. Ke ‘na Morena.

U se ke ua ba le lehloeo la ngoan’eno ka pelong, u mpe u mo khalemele hantle: ka hona u tla hloka molato malebana le eena. U se ke ua iphetetsa, u se ke ua jara bana ba sechaba sa heno ka pelo, u mpe u rate oa heno joaloka ha u ithata. Ke ‘na Morena!

PESALEMA 18 

POLELO TSA HAU, MORENA, KE MOEA EBILE KE BOPHELO.

Molao oa Morena o phethehile,

o fana ka bophelo;

temoso ea Morena e nepahetse,

e hlalefisa sethotho.    

Litaelo tsa Morena li lokile,

li thabisa pelo;

taolo ea Morena e hlakile,

e khantšetsa mahlo.

Ke ntho e ntle ho tšaba Morena,

e ke ke ea fetoha le khale;

likahlolo tsa Morena ke tsa ‘nete,

li lokile kaofela.

Li khahleha ho feta gauda,

ho feta gauda e ngata e tšekehileng;

Li monate ho feta linotši

le lekheha la tsona.

U khahloe ke mantsoe a molomo oa ka

le menahano ea pelo ea ka:

Li ke li amohelehe ho uena, Morena,

lefika la ka le molopolli oa ka.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus (25:31-46)

“Kamehla ha le etselitse e mong oa bana bana b’eso ba banyenyane, le etselitse ‘na.”

Ka nako eo, Jesu a re ho barutuoa ba hae: Mohla Mor’a motho a tlang ka botlotlehi ba hae, manyeloi ‘ohle a e-na le eena, o tla lula setulong sa hae sa botlotlehi. Lichaba tsohle li tla phuthehela ho eena, ‘me o tla khetha ba bang ho ba bang, joalokaha molisa a khetha linku ho lipoli. O tla beha linku ka ho le letona la hae, ‘me a behe lipoli ka ho le letšehali.

Joale Morena o tla re ho ba ka ho le letona: Tloong, lona bahlohonolofatsuoa ba Ntate, le rue ‘Muso oo le o lokiselitsoeng ha e sa le lefatše le thehiloe. Hobane ke ile ka lapa ‘me la mpha ho ja, ka nyoroa ‘me la mpha ho noa, ka ba moeti ‘me la nkamohela, ke ne ke hlobotse, ‘me la nkapesa, ka kula ‘me la ntlhoela, ka ba chankaneng ‘me la nchakela.

Ke moo ba lokileng ba tla mo araba, ba re: Morena, ke neng re ileng ra u bona u lapile ‘me ra u fepa, u nyoriloe ‘me ra u fa ho nooang na? Ke neng re ileng ra u bona u le moeti ‘me ra u amohela, kapa u hlobotse ‘me ra u apesa na? Ke neng re u boneng u kula kapa u le chankaneng ‘me ra u chakela na? ‘Me Morena o tla araba, a re ho bona: Kannete ke re ho lona, kamehla ha le etselitse e mong oa bana bana b’eso ba banyenyane, le etselitse ‘na.

Joale, o tla re le ho ba ka le letšehali: Tlohang ho ‘na, lona ba roahakehileng, e-eang mollong o sa feleng, o lokiselitsoeng diabolosi le manyeloi a hae. Hobane ke ile ka lapa ‘me ha lea ka la mpha ho ja, ka nyoroa ‘me ha lea ka la mpha ho noa, ka ba moeti ‘me ha lea ka la nkamohela, ke ne ke hlobotse ‘me ha lea ka la nkapesa, ka kula, ka ba chankaneng, ‘me ha lea ka la ntlhoela.

Ke moo ba tla mo araba le bona, ba re: Morena, ke neng re ileng ra u bona u lapile kapa u nyoriloe, u le moeti kapa u hlobotse, u kula kapa u le chankaneng, ‘me re sa kang ra u sebeletsa na? Joale o tla ba araba, a re: Kannete ke re ho lona, kamehla ha le sa ka la etsetsa e mong oa ba banyenyane bao, le ‘na ha lea nketsetsa. ‘Me bana ba tla ea hlokofatsong e sa feleng, athe ba lokileng ba tla ea bophelong bo sa feleng.

Vinkmag ad

Read Previous

Machabeng e’a chaba

Read Next

La 11 Tlhakubele 2025

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular