Vinkmag ad

La 7 Tlhakubele 2025

Labohlano la Molora

Ho baloa Bukeng ea Moprofeta Isaia. (58:1-9)

“Ana boitimo bo nkhahlang ha se boo?”

Ke sena seo Morena Molimo a se bolelang! Hooa ka matla, u sa notle lentsoe, phahamisa lentsoe la hau joaloka phala, u phatlalletse sechaba sa ka litlolo tsa sona, u tsebise ntlo ea Jakobo libe tsa eona. Ba mpatla ka letsatsi le letsatsi, ba lakatsa ho tseba litsela tsa ka, joaloka ha eka ke sechaba se etsang ho lokileng, se sa kang sa furalla molao oa Molimo oa sona. Ba mpatla likahlolelo tse lokileng, ba lakatsa ho ba haufi le Molimo, ba re: “Re itimela’ng lijo, ha e le moo u sa re talime? Re itlhokofaletsa’ng, ha e le moo u sa re natse?”

Ke hobane ka matsatsi a boitimo le iketsetsa mesebetsi ea lona, le khahlapetsa basebetsi bohle ba lona. Ke hobane le itima le ntse le phehile khang, le qabane, le otla mofutsana ka litebele.  Mokhoa oo le itimang ka oona kajeno ha se o ka fihlisang sello sa lona maholimong. Na ke khahloa ke boitimo bo tjee, na ke lona letsatsi la boitlhokofatso lee: ho kebisa hlooho joaloka loli, ho ala tse mahoashe le ho robala moloreng? Ebe hoo ke hona hoo u ho bitsang ho itima, le letsatsi le khahlang Morena? Ana boitimo bo nkhahlang ha se boo: ho tla tlamolla ba litlamong ba se na molato, ho imolla ba tlas’a joko efe le efe, ho ngoathela ea lapileng bohobe, ho amohela lapeng la hau mohloki ea se nang lehae, ho apesa eo u ‘monang a hlobotse le ho se koekoetle mohaeno?

Ke moo leseli la hau le tlang ho hlaha joaloka mafube, ‘me leqeba la hau le tla fola kapele. Ho loka ha hau ho tla u etella pele, letlotlo la Morena le u sale morao. Ke moo, etlare ha u hoeletsa, Morena a u arabe; ha u llela thuso, a re: Ke ‘na enoa.

PESALEMA 50 

PELO E ROBEHILENG, E MATETETSO, UENA MOLIMO, HA U E KHESE.

Nkhauhele, oho Molimo ka lerato la hau;

ka baka la boholo ba mehauhelo ea hau

u hlakole melato ea ka.

Ntlhatsoe, u ntlhatsoisise phoso ea ka,

u ntlhoekise sebe sa ka.

Hobane ke ipona molato,

‘me sebe sa ka ke sitoa ho se lebala.

Ke entse sebe, ke sitetsoe uena u inotši,

ke entse ho leng hobe mahlong a hau.  

Hobane ha u khahloe ke sehlabelo,

leha nka u nyehela secheso, u ke ke ua se amohela.

Sehlabelo ho Molimo ke moea o robehileng;

pelo e robehileng, e matetetso,

uena Molimo ha u e khese.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (9:14-15)

“Ha monyali a tla tlosoa ho bona, ke moo ba tla itima.”

Ka nako eo, barutuoa ba Joannes ba tla ho Jesu, ba re: Ke ka baka la’ng ha rona le Bafarisi re itima lijo hangata, empa barutuoa ba hao bona ba sa itime? Jesu a re ho bona: Ana baetsana ba ka hlomoha nakong eo monyali a ntseng a e-na le bona na? Ho tla tla matsatsi ao ka ‘ona monyali a tla tlosoa ho bona, e be hona ba ka itimang.

Vinkmag ad

Read Previous

La 6 Tlhakubele 2025

Read Next

E hlahlella lihoai

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular