Vinkmag ad

La 6 Tlhakubele 2025

Labone la Molora

Ho baloa Bukeng ea Deuteronoma. (30:15-20)

“Kajeno, ke le file ho ikhethela lehlohonolo kapa thohako.”

Moshe a bua le sechaba, a re: Bona kajeno ke u fa ho ikhethela bophelo le botle, lefu le bobe. Haeba u mamela melao ea Morena Molimo oa hau, eo ke u behelang eona kajeno, ‘me u rata Morena Molimo oa hau, ka ho tsamaea tseleng tsa hae le ka ho boloka melao ea hae, litaelo tsa hae le meetlo ea hae, ke moo u tla phela, u ate, ‘me Morena, Molimo oa hau, o tla u hlohonolofatsa naheng eo u tlang ho eona ho e rua.

Empa ha eba pelo ea hau e kheloha, u hana ho mamela, ‘me u hoheloa ho khumamela melimo esele le ho e sebeletsa, kea le bolella kajeno, ruri le tla timela, ‘me le ke ke la lelefaletsoa matsatsi lefatšeng leo le tla kena ho lona ho ea le rua, mohla le tšelang Jordane.

Kajeno, ke mema leholimo le lefatše ho mpakela, hore ke u file ho ikhethela bophelo kapa lefu, lehlohonolo kapa thohako. Ha ho le joalo, ikhethele bophelo, u tle u phele, uena ‘moho le litloholo tsa hau, ka ho rata Morena, Molimo oa hau, ka ho mamela lentsoe la hae, le ka ho mo khomarela; kaha hona ho tla u fumantša bophelo le matsatsi a matelele nakong ea bolulo ba hau lefatšeng leo Morena Molimo a hlapanyelitseng bo-ntat’ao, Abrahama, Isaaka le Jakobo, hore o tla ba neha lona.

PESALEMA 1    

HO LEHLOHONOLO MOTHO EA BEHANG TŠEPO EA HAE HO MORENA.

Ho lehlohonolo motho

ea sa lateleng keletso ea ba khopo,

ea sa beheng le leoto tseleng ea baetsalibe,

ea sa luleng mokhatlong oa basomi;

empa e le ea khahloang ke molao oa Morena,

ea inahanang ka molao oo nyene le bosiu.

O ka sefate se hlonngoeng pel’a mehloli ea metsi,

se behang litholoana ka nako ea teng,

seo mahlaku a sona a sa poneng;

mesebetsi eohle ea hae ea atleha.

Ha se ntho e tšoanang le ho ba khopo,

bona ba kang ‘moko o fefoloang ke moea;

hobane Morena o tseba tsela ea ba lokileng,

athe tsela ea ba khopo ea timetsa.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka(9:22-25)

“Ea tla lahleheloa ke bophelo ba hae ka baka la ka, o tla bo pholosa.”

Ka nako eo, Jesu a re ho barutuoa ba hae: E ka khona Mor’a Motho a utloe mahloko a maholo, a lahloe ke baholo le baprista ba baholo le bangoli, a bolaoe, ‘me a tsohe ka letsatsi la boraro.

A nt’o re ho bohle: Ha motho a rata ho ntšala morao a itele, a jare sefapano sa hae ka matsatsi ‘ohle ‘me a ntatele. Hobane ea batlang ho pholosa bophelo ba hae bo tla mo lahlehela; athe ea tla lahleheloa ke bophelo ba hae ka baka la ka o tla bo pholosa. Motho o tla boelloa ke’ng ka ho rua lefatše lohle, ha eba a itahla ‘me a itimetsa na?

Vinkmag ad

Read Previous

La 5 Tlhakubele 2025

Read Next

La 7 Tlhakubele 2025

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular