Vinkmag ad

La 1 Tlhakubele 2025

Beke ea 7 har’a selemo

Labotšelela

Ho baloa Bukeng ea Siraka. (17:1-13)

“Molimo a bopa motho ka setšoantšo sa hae.”

Molimo o bopile motho ka mobu, ‘me o mo khutliselitse ho oona hape. A neha batho matsatsi a itseng, a ba behela nako, a ba fa le matla holim’a tsohle tse lefatšeng. A ba apesa matla a kang a hae, a ba bopa ka setšoantšo sa hae. Libopuoeng tsohle a kenya tšabo ea motho, a mo fa borena holim’a libatana le linonyana. A neha batho kelello, leleme, mahlo, litsebe le pelo eo ba ka rerang ka eona. A ba tlatsa kutloisiso e hlakileng, a ba fa tsebo ea botle le bobe. Pelong ea bona a kenya leseli la hae, hore ba bone boholo ba mesebetsi ea hae. Ba tla rorisa Lebitso le halalelang la hae, ba phatlalatse boholo ba mesebetsi ea hae.

A ba ekeletsa tsebo, a ba fa molao oa bophelo e le lefa la bona. A hlaba selekane se sa feleng le bona, a ba tsebisa likahlolo tsa hae. Ba boha ka mahlo boholo ba letlotlo la hae, ba utloa ka litsebe lentsoe le tlotlehang la hae. A re ho bona: “Itlhokomeleng ho tsohle tse sa lokang,” a ruta e mong le e mong tšoanelo tsa hae mabapi le oa habo. Ho eena metsamao ea bona e totobetse ka nako tsohle, e sitoa ho pateha mahlong a hae.

PESALEMA 102

MOHAU OA MORENA HO BA MO TŠABANG KE OA MELOKO LE MELOKO.

Joaloka ha ntat’a a le mosa baneng ba hae,

ka mokhoa o tšoanang Morena o mosa ho ba mo

tšabang,

o tseba seo a re bopileng ka sona,

ha a lebale hore re lerole.

Litšiu tsa motho li ka tsa joang,

o thunya joaloka palesa ea naha,

eo ha moea o foka holim’a eona, e seng e e-ba sieo,

ha e sa tla bonoa sebakeng seo.

Empa mohau oa Morena ho ba mo tšabang

ke oa meloko le meloko;

le toka ea hae e fihla esita le litloholong

tsa ba bolokang selekane sa hae.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Mareka (10:13-16)

“Mang le mang ea sa tl’o amohela ‘muso oa Molimo joaloka ngoana e monyenyane, a ke ke a kena ho oona.”

Ka nako eo, batho ba tlisa bana ba banyenyane ho Jesu hore a ba ame, empa barutuoa ba ba khalemela. Eare ha Jesu a bona hoo, a halefa, a re ho bona: Lesang bana ba banyenyane ba tle ho ‘na, ‘me le se ke la ba thiba, hobane ‘muso oa Molimo ke oa ba joaloka bona.

Kannete ke re ho lona, mang le mang ea sa tl’o amohela ‘muso oa Molimo joaloka ngoana e monyenyane, a ke ke a kena ho oona. ‘Me a ba kopa ka matsoho a ba hlohonolofatsa, ka ho ba beha matsoho.

Vinkmag ad

Read Previous

Re tsetela mesangoana ea boitlhoekiso lehlabatheng-Jonana

Read Next

O hlahloba lipontšo tsa temo

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular