Sechaba sa Ha Lengau se re tlhokahalo ea matloana e se baketse bophelo bo bolutu, kaha se iphumana se e-ba le bothata ba mafu a aparelang tikoloho. Litaba tsena se li boletse puisanong le Koranta ka la 24 Hlakola monongoaha.
Se re ka lebaka la tlhokahalo ea matloana, se iphumana se e-ba le bothata ba lets’ollo le aparelang tikoloho tsa bona, ‘me sena se bakoa ke ho sebelisa metsi a sa hloekang, kaha mantle a hoholoa ke metsi.
Mokanselara oa ED Lengau Jonana Mzwandile, o hlalositse hore sechaba sa habo se tobane le phephetso e kholo ea tlhokahalo ea matloana, kaha ba nang le ona e le batho ba nang le boikhohomosi, ‘me kahar’a metse e 13 ke malapa a fokolang a nang le matloana.
O re batho ba ithusetsa matlapeng, hoo qetellong taba eo e qetellang e etsa hore ba bang ba ithusetse le libakeng tsa liliba moo ho khuoang metsi. A re ntho e bohloko ke hore mafu a joalo a ama bophelo bo botle ba sechaba sohle.
O re litaba tsa bohloeki ke qholotso e kholo tikolohong eo hobane boholo ba batho ba qetella ba furalla sebaka seo ho sala ho se metse. Ho feta mona o supile hore ho na le batho ba ileng ba lahleheloa ke bophelo ka lebaka la lets’ollo le ileng la e-ba teng sebakeng sa habo.
O itse ba boetse ba tobane le phephetso e kholo ea tlhokahalo ea lits’ebeletso e leng lintho tse amang bophelo ba sechaba. A ipiletsa ho ‘Muso oa Lesotho le ba ikarabellang ho ba etsetsa matloana molemong oa hore ba tle ba tsebe ho phela hantle joaloka batho ba litikoloho tse ling.
Ramotse oa Ha Ramothobi Loaephe Mothe, o supile ba le tlokotsing ea matloana kaha ho le thata hore na ba ithusetsa kae, ha batho ba baholo le ba kulang e le tlokotsi e boima kaha ba ithusetsa haufi le malapa, ba bile ba se ba sa ipata.
O re taba ena ntle le bohlokoeki feela e ama Litokelo tsa bona tsa Mantlha tsa Botho. A re ba sitoa ho ba le matloana hobane boholo ba sechaba sa habo ha se sebetse, taba eo ke eona qholotso empa ha e ne e ba ba na le mesebetsi ba ne ba tla etsa matloana. O supile a ts’oenyehile kaha sechaba sa habo se le tlokotsing, hobane le polokeho ea liliba ke bothata.
Ka lehlakoreng le leng, Nonkosi Jonana ea lilemo li 21, o supile e le mocha a sa phuthulohe nakong eo a ithusang ho latela lilemo tsa hae. Qholotso e kholo ke hore h’a le linakong tsa hae e le ho boloka bohloeki, o chekela lisebelisoa tsa hae fats’e kapa a li chese, kaha ho se ntloana.
O bonts’itse hore bophelo ba tikoloho ea habo bo thata ba sitoa ho boloka bohloeki joaloka basali ba bang. O re bothata bo boholo ke hore ha ho matloana ‘me nakong eo e bang ba linakong mokhoa oo ba o sebelisang o mong ke ho chekela mesangoana ea bohloeki ka nokeng, hore e hoholoe ke metsi nakong eo lipula li leng ngata.
Seo ba se etsa e le karolo ea ho boloka tikoloho e hloekile le hoja ba tseba hore hoo ho silafatsa metsi ke ka hona ho bang le mafu a seoa. O ipilelitse ho ‘Muso oa Lesotho ho ba sheba ka mohau, hobane le litsela ke bothata le lits’ebeletso li fumaneha hole, bophelo ba bona bo boima.
