Vinkmag ad

Lekala le bula sesiu

Lekala la Temo, Kanetso ea Lijo le Phepo e Nepahetseng, le tla thakhola pokello ea sesiu sa lipalo-palo tsa lihoai kahar’a naha e le ho batalalatsa mabala sebakeng sa bahoebi ba temo le ho bula mebaraka. Litaba tsena, li hlaheletse puisanong le Letona la Temo, Kanetso ea lijo le Phepo e Nepahetseng Mohlomphehi Thabo Mofosi, ka la 21 Hlakola monongoaha.

O itse sesiu sena se tla nolofaletsa ‘muso hore ha o thusa lihoai o tsebe mefuta, palo le hore lihoai tse joalo li fumaneha hokae. Hape a re se boetse se tl’o nolofaletsa lekala ho batlela lihoai lithuso kaha pokello ea lipalo-palo e le qholotso e kholo.

O hlalositse hore ho na ke qaleho ea tsoelopele le kholo ea lihoai kahar’a naha kaha mokhoa oa ho fumaneha e tla ba o bonolo. Ka hona a re ba lokela ho kenya ts’ebetsong molao o tla ba thusa ho batalalatsa mabala ho bahoebi ba joalo hore ba nolofalloe ke ho hoebisana le linaha tse ling. O re ba lokela le ho reka thepa e tla sebelisoa ho bekha boleng ba lihlahisoa tsa Basotho.

Ho matlafatsa tsona lihoai, o itse haufi lekala le tla phatlalatsa le ho hlahisa sebaka sa poloko ea lijo Ha Foso, ho thusa lihoai ho boloka lijo tsa bona libakeng tse nepahetseng nako e telele, ba tla sebelisa le libaka tsa Mokhatlo oa Lefats’e oa Lijo (WFP) ho boloka lijo tsa Basotho. Ka hona sena se tl’o ba thusa ho baleha ts’enyo ea lijo e bang teng nakong eo motho a chahileng masimong.

A re Basotho ba bangata ba tobane le phephetso ea tlhokahalo ea lijo ‘me selemong se holimo ba lokela ho sebeletsa ho atleha. O re temo e ka lithabeng e atlehile selemong sena, kaha lihoai tsa Mokhotlong, Qacha‘s Nek le Thaba-Tseka li fumane manyolo le lipeo ka nako.

“Tlala ke pale ea maobane selemong sena.” Ke Mofosi eo.

O re lebaka la hae ke hore lihoai li fumane thepa ka bongata ‘me batho ba bongata bo lemmeng bo tl’o atleha ho chaea lijo. O netefalitse sena ka ho mpolella hore o ile a etsa tlhahlobo masimong a ‘maloa, ‘me o ntse a tl’o potoloha le masimo ho hlahloba hore na boemo ba temo bo bile joang literekeng.

E mong oa lihoai tsa Temo ea litapole Rets’elisitse Moalosi, o thoholelitse lekala ka mohato oa ho bokella manane a lihoai le mefuta ea temo eo ba e etsang, o re seo se tla nolofalletsa batho ba fanang ka lithuso ho li lebisa ho batho ba nepahetseng.

O re temo e liqholotso ‘me ho bohlokoa hore ‘muso o ke o ntlafatse melao e sitisang lihoai ho hoeba ka tsela e bulehileng, ‘me o tiisitse hore lihlahisoa li teng kaha a kene temong ka nako e telele ho hlokahalang ke ts’ehetso.

Lekala la Temo, Kanetso ea Lijo le Phepo e Nepahetseng, khakanyong ea lichelete ea selemo sa 2025/26, le abetsoe M1.3 billione e tl’o sebelisoa  tlhahisong ea lijo, litlamorao tsa phetoho ea boemo ba leholimo,  ho boetse ho tla thakholoa mekhoa ea noesetso ea bolelele ba liakere tse 250 Tsikoane, tse 200  Seaka, Quthing  ‘me ‘muso o tla fana ka sebaka Santeng, Hlotse le Seaka.

Vinkmag ad

Read Previous

La 28 Hlakola 2025

Read Next

Re tsetela mesangoana ea boitlhoekiso lehlabatheng-Jonana

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular