Beke ea 7 har’a selemo
Labobeli
Ho baloa Bukeng ea Siraka. (2:1-13)
“U itokisetse ho nonngoa.“
Ngoan’a ka, ha u ikemiselitse ho sebeletsa Morena, u itokisetse ho nonngoa. Tsitsisa maikutlo a hau, u tiisetse se ferekane ha u thulana le mathata. U khomarele ho eena, u se mo tlohele, hore u tl’u phahamisoe qetellong ea bophelo ba hau. Tsohle tse u hlahelang u li amohele, u iphapanye ha u kokobetsoa ka mekhoa eohle. Hobane gauda e tšekoa ka mollo, le ba amohelehang ho Molimo ba feta seboping sa kokobetso. Beha tšepo ea hau ho eena: o tla u tšehetsa: otlolla litsela tsa hau ‘me u mo tšepe.
Lona ba tšabang Morena, lebellang mohau oa hae; le se khelohe tsela, e se re la oa. Lona ba tšabang Morena, behang tšepo ea lona ho eena; le se ke ke la haelloa ke moputso. Lona ba tšabang Morena, lebellang tse molemo, thabo e sa feleng le mohau.
Talimang meloko e fetileng ‘me le bone: ke mang ea kileng a tšepa Morena, eaba oa tlontlolleha? Hona ke mang ea kileng a phehella tšabong ea hae, eaba oa lahloa? Le teng ke mang ea kileng a hoeletsa ho eena, eaba oa nyelisoa? Hobane Morena o na le kutloelo-bohloko ‘me o mohau, o tšoarela libe ‘me o’a pholosa nakong ea matšoenyeho.
PESALEMA 36
BEHA SOHLE SE U HLAHELANG KAPEL’A MORENA; KE EENA EA BONANG SE KA ETSOANG.
Tšepa Morena, ‘me u etse tse ntle,
aha lefatšeng, ‘me u iphelele ka khotso.
Ithabele ka Morena,
‘me o tla araba likopo tsa pelo ea hau.
Morena o tseba litšiu tsa ba se nang molato,
lefa la bona ha le na ho fela;
ba ke ke ba tsieleha nakong ea tlokotsi,
ebile ba tla khora matsatsing a tlala.
Sesefa bobe, u etse botle,
‘me u tla ba le lehae kamehla:
hobane Morena o rata toka,
a ke ke a lahla metsoalle ea hae.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Mareka. (9:29-36)
“Mor’a motho o tla neheloa matsohong a batho. Ha motho rata ho ba oa pele, e be oa qetello ho bohle.”
Ka nako eo, Jesu a theoha thabeng a e-na le barutuoa ba hae, a phunyeletsa Galilea, a sa rate hore ho tsebahale. A ruta barutuoa ba hae, a re: Mor’a motho o tla neheloa matsohong a batho, hore ba ‘molaee, ‘me hoba a bolaoe o tla tsoha ka morao ho matsatsi a mararo.
Bona leha ba sa ka ba utloisisa polelo eo ba ile ba tšaba ho ‘motsa. Ba fihla Kafarnauma. Ha ba se ba kene ka tlung, a ba botsa, a re: Le ne ntse le tsekisana’ng tseleng na? Empa ba thola, hobane tseleng ba ne ba tsekile hore na e moholo har’a bona ke mang.
Hoba a lule fatše, a bitsa ba leshome le metso e ‘meli, a re ho bona: Ha motho a rata ho ba oa pele, e be oa qetello ho bohle le mohlanka oa bohle. Eaba o nka ngoana e monyenyane, o mo emisa ka hare ho bona: ‘me hoba a mo kope ka matsoho, a re ho bona:
Mang le mang ea amohelang ngoana ea joaloka enoa ka baka la ka, o amohela ‘na; ‘me mang le mang ea nkamohelang, ha a amohele ‘na feela empa o amohela ea nthomileng.
