Vinkmag ad

La 24 Hlakola 2025

Beke ea 7 har’a selemo

Mantaha

Ho baloa Bukeng ea Siraka, (1:1-10)

“Bohlale bo bopiloe pele ho lintho tsohle.”

Bohlale bohle bo tsoa ho Morena, bo ho eena kamehla eohle. Ke mang ea ka balang lehlabathe la leoatle, marotholi a pula le tšiu tsa bosafeleng? Ke mang ea ka lekanyang bophahamo ba leholimo, bophara ba lefatše le botebo ba maliba?

Bohlale bo bopiloe pele ho lintho tsohle, le kelello e seli pele ho linako. Motso oa bohlale o kile oa senoleloa mang? Le merero e patehileng ea bona e kile ea tsejoa ke mang?

O mong feela ea bohlale, ea lokelang ho tšajoa: ke Morena ea lutseng teroneng ea hae. Ke eena ea bopileng bohlale, a bo talima, a bo lekanya, a ba a bo kenya mesebetsing eohle ea hae; o bo file batho bohle ka ho ea ka ho rata ha hae, empa ba mo ratang o ba file bona haholo.

PESALEMA 92

MORENA KE KHOSI, O APERE BOTLOTLEHI.

Morena ke khosi, o apere botlotlehi,

Morena o apere matla, o itlamme ka ‘ona thekeng.

Ka hoo lefatše le tiile,

le ke ke la sisinyeha.

Terone ea hau ha e sa le e tiile

ho tloha khale u nts’u le teng.

Litemoso tsa hau li tsitsitse e le kannete,

khalalelo e khabisa ntlo ea hau, Morena,

kamehla le mehla.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Mareka. (9:13-28)

“Kea lumela, Morena. Thusa bofokoli ba tumelo ea ka!”

Ka nako eo, Jesu a theoha thabeng a e-na le Peterosi, Jakobo le Joannes. Eitse ha ba fihla ho barutuoa ba bang, ba bona letšoele le leholo le ba teetse hare, le bangoli ba arabisana le bona. Letšoele lena kaofela, hang ha le bona Jesu, la hlolloa ‘me batho bana ba mathela ho ea mo lumelisa. A ba botsa, a re: Le ntse le arabisana ka life na?

Motho e mong har’a letšoele a bua, a re: Moruti, ke u tliselitse mora oa ka ea nang le modemone o semumu. Kamehla ha modemone o mo tšoara, o mo batanya fatše, ebe ngoana o tšoehlela makoeba, o tsikitlanya meno, oa satalla. Ke bile ka kopa barutuoa ba hau hore ba o leleke, ba mpa ba hloloa.

Jesu a araba, a re: A moloko o hlokang tumelo, ke tla ba le lona ho fihlela neng? Ke tla iphapanyetsa lona ho isa neng? Mo tliseng ho ‘na. Ba mo tlisa. Eare ha moea o qala o bona Jesu, oa tsukutla ngoana ka matla, ‘me a oela fatše, a meneka a ntse a tšoehlela makoeba. Jesu a botsa ntat’ae, a re: Ke nako e kae a hlaheloa ke taba ena na? Eena a re: Ho tloha boseeng ba hae; ‘me ke hangata o mo lihela mollong kapa metsing, hore o mo timetse. Empa ha eba u na le matla, e-ba mohau ho re thusa!

Jesu a araba, a re: U re, ha eba ke na le matla. Tsohle li ka etsahala ho ea lumelang. Hang ntat’a ngoana a hooa, a re ka meokho: Kea lumela, Morena. Thusa bofokoli ba tumelo ea ka!

Ha Jesu a bona hore batho ba khobokana a khalemela moea o litšila, a re ho oona: Moea o semumu, o tsebe-tutu, kea u laela, e-tsoa ho eena; ‘me u se hlole u kena ho eena hape. Eaba moea oa hooa, oa tsukutla ngoana ka matla, oa tsoa. Ngoana a ba joaloka setopo hoo ba bangata ba neng ba re o shoele.

Empa Jesu a mo tšoara ka letsoho, a mo emisa: ‘me ngoana a ema. Ha Jesu a se a khutletse ka tlung barutuoa ba hae ba ‘motsa ka lekunutu, ba re: Rona re ne re sitoa ho o leleka ka baka la’ng na? A re ho bona: Mofuta oo o ke ke oa lelekoa ka letho, ha e se ka thapelo le ka boitimo.

Vinkmag ad

Read Previous

La 22 Hlakola 2025

Read Next

La 25 Hlakola 2025

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular