Vinkmag ad

Toro ea hae e chabeloa ke letsatsi

Letona la Khiro le Bosebetsi, Mohlomphehi Tšeliso Mokhosi o tlohile mapatlelong a paramente sefahleho se tletsoe ke pososelo, kamor’a hore ho hlahelle likhakanyong tsa lichelete tsa 2025/26 hore ‘muso o tla kena leetong la ho batlela Basotho mesebetsi linaheng tse ling, ka la 19 Hlakola monongoaha.

Puisanong le Koranta o itse moralo oa lekala la habo oa ho tsomela Basotho ba nang le litsebo le ba se nang tsona mesebetsi kantle ho naha o chabetsoe ke letsatsi. O re sena ba ile ba rera e le lekala ho se etsa e le karolo ea ho hlahisetsa Basotho mesebetsi le  ho nyolla moruo oa naha kaha lichelete tseo Basotho ba tla li fumana linaheng tseo ba sebetsang ho tsona karolo e ‘ngoe e tla ba e oelang matseteng a naha.

O bontšitse ha hlathe e lelekisa tsebe hobane ha se hangata khakanyo ea lichelete e reng qii! Holima litlhoko tsa bona. A re ba tla batlela Basotho mesebetsi ea nako e telele kapa e khutšoanyane, ‘me karolong ea chelete eo ba e abetsoeng, ba tla nka maeto ho ea etsa boithuto linaheng tse ling ho etsa karolo ea tumellano.

“Ke batla ho sia ke ngotse nalane tšebetsong ea ka ea topollo ea Basotho tlaleng ea boja-likata.” Ke Mokhosi eo.

O itse o sebetsa ka thata ho sututsa hore taba ena e phethahale molemong oa ntlafalo ea ngoan’a mosotho. O ipilelitse ho Basotho hore ha ba hloka mesebetsi eo ba tle ba ee libakeng tse lokelang joaloka lekaleng la habo ha ho entsoe phatlalatso ho qobisa batho litaba tsa batho ba hoebang ka batho ba bang kapa thekisetsano ea batho.

Lekala lena le abetsoe M81.6 Millione ho phethahatsa merero eohle ea lona, ho kenyeletsa le ea ho tsomela Basotho mesebetsi linaheng tse ling.

Letona la tsa Machabeng Mohlomphehi Lejone Mpotjoane, o thoholelitse ‘muso oa habo ka hore khakanyo ena ea lichelete e matla, e tl’o thusa hore bacha ba qetelle ba fumane mesebetsi ea litsebo tsa bona kantle ho naha. A re naha e se e kene lipuisanong le linaha tsa Seychelles Mauritius, Canada le Germany, ho aha likamano le ho batlela Basotho bophelo.

A re mosebetsi ona o moholo o tl’o lopolla Basotho kahar’a tlala eo ba tjamelaneng le eona ea tlhokahalo ea mesebetsi haholo ha boholo re le sechaba se rutehileng. A re lekala la habo lona le tšoere ka thata litabeng tsa ho bopa likamano tsa machaba, le ho bona hore Basotho ba ba le boemeli kahar’a mekhatlo ea machaba e le hore ba qetelle ba fumana menyetla e fumanoang ke linaha tse ling.

O re ba lokela ho bona hore Naha ea Lesotho e ba le ofisiri kahar’a SADC joalokaha e le setho kahar’a mokhatlo o joalo.

Ho sa le joalo tlaleho ea khakanyo ea lichelete ea selemo sa 2025/26, sehloohong se buang ka tlhokahalo ea mesebetsi, e bontšitse hore ho bacha ba 760,230 ba lilemo li 15 ho isa ho tse 35 ba 145,087 ha ba sebetse ho bolela hore 39% ea bacha ba ntseng ba batla mesebetsi ha ba e fumane.

Ha 38.9% ea bacha ba hloka mesebetsi ‘me basali ba banyenyane ba eleng 40.8% ba suptjoa ba le tlokotsing ho feta bahlankana ba banyenyane  ka 37.1 %. Lesotho ke bonyane 226,856 ea bacha ba hlalosoang ba se ba nyahametse ho batla mesebetsi.

Vinkmag ad

Read Previous

La 21 Hlakola 2025

Read Next

‘Muso ha o’a itlhopha-Sehlabaka

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular