Vinkmag ad

La 21 Hlakola 2025

Beke ea 6 har’a selemo

Labohlano

Ho baloa Bukeng ea Genese. (11:1-9)

“A re theoheng, re faposeng puo ea bona.”

Hohle lefatšeng ho n’o buuoa puo e le ‘ngoe le mantsoe a n’a tšoana. Eare ha batho ba fallela Bochabela, ba fihla thoteng e telele naheng ea Shineare, ‘me ba aha teng.

Eaba b’a buisana, ba re: A re e’o bopang litene, re li bese ka mollo. Ba sebelisa litene bakeng sa majoe, le sekontiri bakeng sa seretse. Hape ba re: A re e’o ikhahelang motse le tora, eo tlhoro ea eona e fihlang leholimong. Re iketsetse lebitso, ‘me re se qhalakane lefatšeng lohle.

Morena a theoha ho tla bona motse le tora e ahoang ke bana ba batho. Morena a re: Kaofela ha bona ke sechaba se le seng feela, ba bua puo e le ‘ngoe. Haeba ba qalile ka tsela ena, ha ba sa tla thijoa ke letho mererong ea bona. A re theoheng, re faposeng puo ea bona ba sa le hona mona, hore e mong a se ke a utloa puo ea e mong.

Eaba Morena o ba qhalakanya le lefatše lohle ba lesa ho aha motse oo. Ka baka leo motse oo oa bitsoa Babele, hobane ke moo Morena a fapositseng puo ea batho ba lefatše lohle teng, ‘me a ba qhalakantseng le lefatše lohle.

PESALEMA 32

HO LEHLOHONOLO SECHABA SEO MORENA A IKHETHETSENG SONA HO BA LEFA LA HAE.

Morena o fetola merero ea lichaba lefeela,

o nyopisa mehopolo ea merabe.

Athe morero oa Morena o tiile kamehla,

mehopolo ea pelo ea hae ke ea meloko le meloko.

 Ho lehlohonolo sechaba

seo Morena e leng Molimo oa sona,

seo a ikhethetseng sona ho ba lefa la hae.

Morena o talima a le maholimong,

o bona bana bohle ba batho.

A le qalong eo a ahileng ho eona,

o nts’a sheba baahi bohle ba lefatše.

Ke eena ea bopileng pelo tsa bona bohle,

ea tsebang liketso tsohle tsa bona.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Mareka. (8:34-39)

“Ea tla lahleheloa ke bophelo ba hae ka baka la ka le ka baka la Evangeli o tla bo pholosa.”

Ka nako eo Jesu a bitsetsa bongata ‘moho le barutuoa ba hae ho eena, a re ho bona: Ha eba motho a rata ho ntšala morao, a ke a itele, a jare sefapano sa hae ‘me a ntatele. Hobane ea batlang ho pholosa bophelo ba hae bo tla mo lahlehela: athe ea tla lahleheloa ke bophelo ba hae ka baka la ka le ka baka la Evangeli, o tla bo pholosa. Motho o tla boelloa ke’ng ka ho rua lefatše lohle, empa a senyeheloa ke bophelo ba hae? Efela motho a ka fana ka’ng hore a boelloe ke bophelo ba hae?

Joale ea tla ba lihlong ka ‘na le ka lipolelo tsa ka molokong ona o bofebe, o khopo, le eena Mor’a motho o tla ba lihlong ka eena, mohla a tlang letlotlong la Ntat’ae a e-na le manyeloi a halalelang. Eaba o re ho bona: Ruri kea le bolella har’a ba emeng mona, ho na le ba bang ba ke keng ba e-shoa ba e-s’o bone ‘muso oa Molimo o tlile ka matla.

Vinkmag ad

Read Previous

La 20 Hlakola 2025

Read Next

Toro ea hae e chabeloa ke letsatsi

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular