Beke ea 6 har’a selemo
Labone
Ho baloa Bukeng ea Genese. (9:1-13)
“Ke beha mookoli oa ka marung, hore e be pontšo ea selekane sa ka le lefatše.”
Molimo a hlohonolofatsa Noe le bara ba hae, a re ho bona: Atang, le ngatafale, le tlale lefatše. Le tšabise ‘me le nyarose liphoofolo tsohle tsa lefatše, le linonyana tsohle, le ntho tsohle tse hahabang fatše, le lihlapi tsohle tsa leoatle; li behiloe matleng a lona.
Lintho tsohle tse tsamaeang, tse phelang e be lijo tsa lona; ke le neha tsohle, joaloka ha ke le nehile limela tse tala. Empa le se ke la ja nama e nang le bophelo, ke ho re mali, ka ho eona.
Kannete, ke tla batla phetetso ea mali a lona, e leng bophelo ba lona; ke tla e batla liphoofolong tsohle; ke tla batla phetetso ea bophelo ba motho ho motho, ba motho ka mong ho ngoan’abo.
Ea tšollang mali a motho, le a hae mali a tla tšolloa ke motho; hobane Molimo o entse motho ka setšoantšo sa hae. Ha e le lona, atang, le ngatafale, le be bangata haholo lefatšeng, ‘me le rene holim’a lona.
Molimo a bua le Noe le bara ba hae, a re: Ha e le ‘na, ke hlaba selekane le lona, le lesika la lona le tlang ka morao ho lona, le tsohle tse phelang tse nang le lona, leha e le linonyana, likhomo, kapa liphoofolo tsohle tsa naha tse nang le lona, ke hore tsohle tse tsoileng arekeng, tse phelang lefatšeng.
Ke hlaba selekane le lona, hore ho se hlole ho e-ba sebopuoa se tla felisoa ka metsi a moroallo, ‘me ho se hlole ho e-ba moroallo o senyang lefatše.
Molimo a re: Ke ena pontšo eo ke le fang eona ea selekane sa rona le lona le tsohle tse phelang tse nang le lona, melokong eohle ho isa khale: Ke beha mookoli oa ka marung, hore e be pontšo ea selekane sa ka le lefatše.
PESALEMA 101
MORENA O TALIMILE LEFATšE A LE MAHOLIMONG.
Le tsona lichaba li tla hlompha lebitso la Morena,
likhosi tsohle tsa lefatše letlotlo la hau;
hobane Morena o tla aha Sione bocha,
a iponahatse teng ka letlotlo la hae.
O tla retelehela ho ba se nang letho,
ha ba mo rapela a ke ke a khesa thapelo ea bona.
Tsena li ke li ngolloe moloko o tlang,
e le hore sechaba se tla tsoaloa se rorise Morena.
Morena o sheba a le qalong e phahameng ea hae,
o talimile lefatše a le maholimong,
hore a tle a utloe poboli ea motlamuoa,
a lokolle ba ahloletsoeng lefu.
Bana ba bahlanka ba hau ba tla ba le lehae,
le lesika la bona e tla be sa le
le le pel’a sefahleho sa hau,
ho tle ho tume lebitso la Morena Sione,
le thoko ea hae Jerusalema,
ha lichaba le mebuso li kopana hammoho
ho tla sebeletsa Morena.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Mareka. (8:27-33)
“U Kriste! E ka khona Mor’a motho a utloisoe mahloko a mangata.”
Ka nako eo, Jesu a tsamaea le barutuoa ba hae a ea metseng ea Cesarea-Filippi, ‘me tseleng a botsa barutuoa ba hae, a re: Hantle-ntle batho ba re ke mang? Ba mo araba, ba re: Ba bang ba re u Joannes Mohlatsoi; ba bang Elia, ba bang e mong oa baprofeta.
A boela a botsa, a re: Joale lona le re ke mang? Peterosi a araba, a re ho eena: U Kriste. Eaba o ba laea thata hore ba se ke ba ‘molela ho motho le ea mong.
Joale Jesu a qala ho ba bolella kamoo Mor’a motho e ka khonang a utloisoe mahloko a mangata kateng, a lahloe ke baholo ba sechaba, baprista ba baholo le bangoli, ‘me a bolaoe, a be a tsohe bafung ka morao ho matsatsi a mararo.
O n’a bolela litaba tsena phatlalatsa. Eaba Peterosi o mo nkela thoko, ho mo nyatsa. Jesu ha a reteleha, a bona barutuoa ba hae, a khalemela Peterosi, a re: Tloha mona, Satane, ha u utloisise tseo e leng tsa Molimo u utloisisa tsa batho feela.
