Beke ea 6 har’a selemo
Laboraro
Ho baloa Bukeng ea Genese. (8:6-13.20-22)
“Noe a bona hore lefatše le se le qomme.”
Ka mor’a matsatsi a mashome a mane, Noe a bula fenstere ea areka eo a neng a e entse, a ntša lekhoaba, le ileng la ea, le ntse le khutla, ho fihlela metsi a oma lefatšeng. Hamorao a ntša leeba ho bona hore na metsi a fokotsehile lefatšeng. Empa leeba ha lea ka la fumana moo le ka behang leoto teng; eaba le khutlela ho eena arekeng, hobane metsi a n’a sa ntsane a le teng lefatšeng lohle. A nanabetsa letsoho a tšoara leeba, a le busetsa ho eena arekeng.
A boela a ema matsatsi a supileng, a nt’o ntša leeba hape arekeng. Mantsiboea, leeba la khutlela ho eena, le nkile ka molomo lehlaku la mohloare le sa tsoa khuoa. Joale Noe a tseba hore metsi a fokotsehile lefatšeng. A boela a ema matsatsi a mang a supileng, a ba a ntša leeba hape-hape, empa ha lea ka la hlola le khutlela ho eena.
Ka selemo sa makholo a tšeletseng a motso o mong sa bophelo ba Noe, tsatsing la pele la khoeli ea pele, metsi a n’a s’a omme lefatšeng. Noe a qhaqholla marulelo a areka, ‘me a bona hore lefatše le se le qomme.
Eaba Noe o ahela Morena aletare, ‘me har’a liphoofolo tsohle tse hloekileng, le linonyana tsohle tse hloekileng, o nka tse ling, o li nyehela e le secheso aletareng. Morena a utloa monko o monate, ‘me a re ka pelong: Nke ke ka hlola ke rohaka lefatše ka baka la motho, etsoe litšekamelo tsa pelo ea hae li mpe ho tloha bocheng ba hae, ‘me nke ke ka hlola ke otła tsohle tse phelang, joaloka ha ke tsoa etsa. Ha feela lefatše e ntse e le lefatše, ho jala le ho kotula, mohatsela le motuthu, Lehlabula le Mariha, bosiu le motšeare ha li sa tla hlokahala.
PESALEMA 115
MORENA, KE TLA U NYEHELA SEHLABELO SA TEBOHO.
Ke tla buseletsa Morena joang
bakeng la tsohle tseo a nthusitseng ka tsona?
Ke tla nyehela senoelo sa pholoho,
ke rapele lebitso la Morena.
Ke tla phetha likano tsa ka ho Morena,
pel’a sechaba sohle sa hae.
Lefu la metsoalle ea Morena
ke ntho ea bohlokoa mahlong a hae.
Ke tla phetha likano tsa ka ho Morena,
pel’a sechaba sohle sa hae,
Mabaleng a ntlo ea Morena,
ka hare ho uena, Jerusalema.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Mareka. (8:22-26)
“Sefofu sa fola hoo se ileng sa bona lintho tsohle ka mokhoa o hlakileng.”
Ka nako eo, Jesu le barutuoa ba hae ba fihla Bethania. Eaba batho ba tlisa sefofu ho eena, ba mo rapela hore a se ame. Jesu a tšoara sefofu ka letsoho, a se isa ka ntle ho motse, a se koefa ka mathe mahlong, a se beha matsoho, a nt’o se botsa hore na se bona’ng. Sa talima ‘me sa re: Ke bona batho ba tsamaeang e ka lifate.
A boela a beha matsoho a hae mahlong a sefofu, ‘me sa qala ho bona hantle, sa fola, hoo se ileng sa bona lintho tsohle ka mokhoa o hlakileng. Joale Jesu a se laela ho khutlela tlung ea sona, a re: U se ke ua kena motseng.
