Vinkmag ad

La 18 Hlakola 2025

Beke ea 6 har’a selemo

Labobeli

Ho baloa Bukeng ea Genese. (6:5-8;7,1-5.10)

“Batho bao ke ba bopileng, ke tla ba timetsa lefatšeng.”

Morena o ile a bona hore bokhopo ba motho bo boholo lefatšeng, le hore pelo ea hae e tletse merero e mebe feela letsatsi lohle. Morena a soaba ha a entse motho lefatšeng, ‘me pelo ea hae ea e-ba bohloko. Batho bao ke ba bopileng, ke tla ba timetsa lefatšeng, ho qala ka batho ho isa ho liphoofolo le ho lihahabi le ho linonyana tsa leholimo, hobane ke soabile ha ke li entse. Empa Noe eena a fumana mohau pel’a Morena.

Molimo a re ho Noe: Kena arekeng, uena le ba ntlo ea hau kaofela, hobane molokong ona ke uena feela eo ke fumanang a lokile mahlong a ka. Har’a liphoofolo tsohle tse hloekileng u nke tse supileng tsa mofuta ka mong, tse tona le tse tšehali; le har’a liphoofolo tse sa hloekang u nke tse peli, e tona le e tšehali. Hape har’a linonyana tsa leholimo u nke tse supileng tsa mofuta ka mong tse tona le tse tšehali, ho bolokela lefatše mefuta ea tsona.

Hobane ho setse matsatsi a supileng pele ke nesa pula lefatšeng ka matsatsi a mashome a mane le masiu a mashome a mane, ‘me lintho tsohle, tseo ke li entseng, ke tla li timetsa lefatšeng.

Eaba Noe o etsa tsohle kamoo Morena a mo laetseng kateng. Eitse hoba matsatsi a supileng a fete, moroallo oa metsi oa e-ba teng lefatšeng.

PESALEMA 28

MORENA O TLA HLOHONOLOFATSA SECHABA SA HAE KA KHOTSO.

Lona bara ba Molimo, tlotlisang Morena,

le ananele tlotla le matla a hae.

Ananelang tlotla e lokelang lebitso la Morena,

khumamelang Morena ea tlang ka khanya le khalalelo.

Lentsoe la morena le utloahala holim’a metsi,

Molimo ea tlotlehang o etsa hore le thoathoaretse,

 Morena o phahametse metsi a mangata-ngata.

Ka tempeleng ea hae bohle ba re: Oa tlotleha!

Morena o n’a rene holim’a metsi a moroallo.

Morena o rena e le khosi kamehla.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Mareka. (8:14-21)

“Le tšabe tomoso ea Bafarisi le ea Heroda.”

Ka nako eo, barutuoa ba ne ba lebetse ho nka bohobe; ba ne ba e-na le bohobe bo le bong feela ka sekepaneng. Jesu a ba laea, a re: Hlokomelang, le tšabe tomoso ea Bafarisi le tomoso ea Heroda. Eaba b’a buisana, ba re: Ke hobane re se na mahobe.

Ha Jesu a lemoha hoo, a re ho bona: Ke’ng ha le bauisana, le re ha le na mahobe? Ana ha le e-s’o elelloe, ha le e-s’o utloisise, pelo tsa lona li sa foufetse na? Le na le mahlo, ha le bone ke’ng? Le na le litsebe, ha le utloe ke’ng? Na ha le sa hopola, hore na, mohla ke ngoathelang batho ba likete tse hlano mahobe a mahlano, le ne le bokelle liroto tse kae tse tletseng marathana? Ba araba, ba re: Tse leshome le metso e ‘meli.

Le mohla ke ngoathelang ba likete tse ‘ne mahobe a supileng, le ne le bokelle liroto tse kae tsa marathana na? Ba araba, ba re: Tse supileng. Jesu a re ho bona: Le joale ha le e-s’o utlolsise na?

Vinkmag ad

Read Previous

La 17 Hlakola 2025

Read Next

La 19 Hlakola 2025

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular