Beke ea 5 har’a selemo
Labotšelela
Ho baloa Bukeng ea Genese. (3:9-24)
“Molimo a tebela A dama serapeng sa Edene, a tla eo lema mobu.”
Hoba Adama a je tholoana ea sefate, Morena Molimo a ‘mitsa, a re ho eena: U hokae? Adama a araba a re: Ke utloile liqi tsa hau serapeng, ka utloa ke tšaba hobane ke feela; ke ha ke ipata. Morena a re: Ke mang ea u lemositseng hore u feela? E se re u s’u jele tholoana ea sefate seo ke itseng: U se ke ua se khola? Adama a re: Mosali eo u ‘nehileng eena hore re lule le eena, ke eena ea mphileng tholoana ea sefate, eaba kea ja.
Morena Molimo a re ho mosali: U entse life? Mosali a araba, a re: Noha e nqhekeletse, ka ba ka ja.
Eaba Morena Molimo o re ho noha: Ere kaha u entse sena, u rohakehile har’a liphoofolo tsohle tse ruiloeng le tsa naha. U tla holoba ka mpa, u je lerole ka matsatsi ‘ohle a bophelo ba hau. Ke tla thoma bora pakeng tsa hau le mosali, pakeng tsa lesika la hau le lesika la hae; lona le tla u khoba hloho, ‘me uena u tla le loma serethe.
A re ho mosali: Ke tla eketsa mahloko a hau a boimana; u tla beleha bana ka bohloko. Litakatso tsa hau li tla u hulela ho monna oa hau, empa ke eena ea tla u busa.
A re ho Adama: Ereka ha u mametse lentsoe la mosali oa hau, ‘me u jele sefate seo ke u laetseng ho se je litholoana tsa sona, mobu o rohakoe ke hona ka baka la hau!
U tla ja tsa oona ka mahloko, ka matsatsi ‘ohle a bophelo ba hau. O tla u melisetsa meutloa le tšehlo, ‘me u tla ja litlama-tlama tsa naha. U tla ja bohobe ka mofufutso oa phatla ea hau, ho fihlela u boela mobung, kaha u ntšitsoe ho oona; hobane u lerole, ‘me u tla boela leroleng.
Adama a reha mosali oa hae Eva, hobane e le ‘m’a bohle ba phelang. Morena Molimo a etsetsa Adama le mosali oa hae liaparo tsa matlalo, a ba apesa tsona.
Morena Molimo a re: Bonang, motho o se a le joaloka e mong oa rona, o tseba botle le bobe. Joale, a se hlole a nanabetsa letsoho la hae, a khola le litholoana tsa sefate sa bophelo, a li ja, ‘me a phela kamehla.
Morena Molimo a mo tebela serapeng sa Edene, a tl’a e’o lema mobu oo a ntšitsoeng ho oona. A leleka motho, ‘me a beha Likerubime ka ng’a Bochabela ho serapa sa Edene, ‘moho le sabole ea mollo e benyang ka ‘ng’a tsohle, ho thiba tsela e isang sefateng sa bophelo.
PESALEMA 89
MORENA U BILE SETšABELO SA RONA HO TLOHA MOLOKONG HO ISA MOLOKONG.
Pele lithaba li ka ba teng,
Lefatše le lintho tsohle li e-s’o hlahe,
ho tloha neng ho isa neng, ke uena Molimo.
U busetsa motho leroleng,
u re: Boela moo u tsoang, ngoan’a Adama.
Mahlong a hau lilemo tse sekete
li ka letsatsi la maobane le seng le fetile,
li ka hora ea phalimeho ea bosiu.
U hlakola batho, eb’e ke ke toro;
ba ka joang bo tlokomang hoseng;
hoseng boa mela, bo tlokome,
mantsiboea boa pona, bo omelle.
Re rute ho hlophisa matsatsi a rona,
re tle re rue bohlale ba ‘nete.
Khutla, Morena, u liehela’ng?
Qenehela bahlanka ba hau.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Mareka. (8:1-10)
“Ba ja ‘me ba khora.”
Ka nako eo, ha batho ba bangata ba ne ba e-na le Jesu, ‘me ba hloka seo ba se jang. Jesu a bitsa barutuoa ba hae, a re ho bona: Ke utloela batho bana bohloko, hobane e se e le matsatsi a mararo ba bile le ‘na ‘me ba hloka seo ba ka se jang. Ha nka ba qhala ho ea mahaeng a bona ba lapile ba tla felloa ke matla tseleng hobane ba bang ba bona ba tsoa hole.
Barutuoa ba hae ba mo arabela, ba re: Ke hokae moo motho a ka fumanang mahobe a ka lekanang hore ba khore mona nahathothe na? A botsa, a re: Le na le mahobe a makae? Ba re: A supileng.
Eaba o laela letšoele ho lula fatše. A nka mahobe a supileng, a leboha, a a ngoatha ‘me a a neha barutuoa ba hae hore ba a abe, ‘me ba a abela batho. Hape ba ne ba e-na le lihlapinyana li se kae; le tsona a li hlohonolofatsa ‘me a laela hore li abuoe.
‘Me ba e-ja, ba khora; ba ba ba bokella liroto tse supileng tsa marathana a setseng. Athe ba jeleng e ne e batla e e-ba likete tse ‘ne. A nt’o ba qhala. ‘Me kapele-pele, a hloella ka sekepaneng le barutuoa ba hae, a ea naheng ea Dalmanutha.
