Sehopotso sa Cyrillus ea Halalelang Moitlami le Methodius ea Halalelang Mobishopo.
Labohlano
Ho baloa Lengolong la Pele la Moapostola Paulosi ho Ba-Korinthe. (1:18-25)
“Re ruta Kriste ea thakhisitsoeng, eo e leng khopiso ho batho; empa ho ba bitsitsoeng e leng bohlale ba Molimo.”
Bana beso! Kriste ha a nthoma ho hlatsoa, empa ho bolela Evangeli, e seng ka bokheleke, esere sefapano sa Kriste sa fetoloa lefeela, hobane ho bua ka sefapano ke bohlanya ho ba eang timelong, athe ke matla a Molimo ho ba eang pholohong, ke hore ho rona.
Hobane ho ngotsoe, ho thoe: Ke tla timetsa bohlale ba ba bohlale, ke felise masene a ba masene. O kae ea bohlale? O kae mohlalefi? O kae mangangelle oa tšiu tsena? Ana Molimo ha a ka a fetola bohlale ba lefatše lena bohlanya? Ere kaha lefatše, ka tsela ea bohlalefi ba lona, le sa ka la tseba Molimo bohlaleng ba hae, ho khahlile Molimo ho pholosa balumeli ka bohlanya ba thuto ea rona.
Efela Bajodi ba kopa lipontšo, ‘me Ba-Gereke ba batla bohlale. Ha e le rona, re ruta Kriste ea thakhisitsoeng, eo e leng khopiso ho Bajodi le bohlanya ho balichaba. Empa ho ba bitsitsoeng, leha e le Bajodi kapa Ba-Gereke, ke Kriste eo e leng matla a Molimo le bohlale ba Molimo, hobane bothoto ba Molimo bo feta bohlale ba batho, ‘me bofokoli ba Molimo bo feta matla a batho.
PESALEMA 88
MORENA, KE TLA BINELA MOHAU OA HAU KAMEHLA.
Morena, ke tla binela mohau oa hau kamehla,
ke tumise ‘nete ea hau
ho tloha molokong ho isa molokong.
Hobane u itse: Mohau oa ka o etselitsoe
ho ba teng kamehla,
‘nete ea ka e tiile e joaloka maholimo.
Ke hlabile selekane le mokhethuoa oa ka,
ka hlapanyetsa Davida, mohlanka oa ka,
ka re: Ke tla tiisa lesika la hau kamehla,
le terone ea hau
ho tloha molokong ho isa molokong.
Ke fumane, Davida mohlanka oa ka,
ka mo tlotsa ka oli e halalelang ea ka.
Ke tla mo tšehetsa ka letsoho la ka,
ke mo matlafatse ka sephaka sa ka.
‘Nete ea ka le mohau oa ka li tla mo thusa,
ka lebitso la ka o tla tsoha molota.
O tla re ho ‘na: Ntate,
Molimo oa ka, lefika le mpholosang!
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka. (5:1-11)
“Ba tlohela tsohle ‘me ba mo latela.”
Ka nako eo, ha etsahala hore, ha matšoele a n’a mo khobokanela ho utloa lentsoe la Molimo, Jesu a eme lebopong la letša la Gennesaretha. A bona likepana tse peli li eme lebopong la letša; batšoasi ba ne ba tsoile ho tsona, ba hlatsoa matlooa a bona. Eaba o kena sekepaneng se seng, e leng sa Simone, a mo kopa hore a se suthise hanyenyane lebopong; a nt’o lula ‘me a ruta matšoele, a le ka sekepaneng.
Eitse ha a qeta ho bua, a re ho Simone: Sesisetsa moo ho tebang, le akhele matlooa a lona, le tšoase. Simone a araba, a re ho eena: Morena, re sebelitse ka thata bosiu bohle, re sa tšoase letho; empa ho ea ka polelo ea hao ke tla akhela letlooa. ‘Me ha ba entse joalo, ba tšoasa lihlapi ka bongata bo boholo, hoo letlooa la bona le neng le taboha. Ba hoehla balekane ba bona ba sekepaneng se seng hore ba tle ho ba thusa. Ba tla ‘me ba tlatsa likepana tse peli, hoo li batlileng li teba.
Eitse ha Simone Peterosi a bona hoo, a itihela mangoleng a Jesu, a re: Tloha ho ‘na Morena, hobane ke motho oa moetsalibe! Etsoe o n’a maketse haholo, hammoho le bohle ba nang le eena, ka tšoaso ea lihlapi tseo ba neng ba li tšoasitse. Ha e-ba joalo le ho Jakobo le Joannes, bara ba Zebedea, bao e neng e le balekane ba Simone. Eaba Jesu o re ho Simnone: U se ke ua tšoha; ho tloha joale u tla ba ea tšoasang batho. ‘Me ha ba se ba tlisitse likepana tsa bona lebopong, ba tlohela tsohle ‘me ba mo latela.
