Beke ea 5 har’a selemo
Labone
Ho baloa Bukeng ea Genese. (2:18-25)
“A tlisa Eva ho Adama. Ba tla ba ntho e le ‘ngoe.”
Morena Molimo a re: Ha se ntho e ntle hore motho a lule a inotši, e ka khona ke mo etsetse mothusi ea tšoanang le eena.
Joale Morena Molimo o ne a bopile liphoofolo tsohle tsa naha le linonyana tsa leholimo ka mobu. A li tlisa ho Adama hore a li rehe mabitso; hobane tsohle tse phelang li ne li tla bitsoa ka mabitso ao Adama a li rehileng ‘ona. Adama a reha liphoofolo tsohle tse ruoang mabitso, ‘moho le linonyana le liphoofolo tsohle tsa naha. Empa bakeng la hae ha hoa ka ha fumaneha mothusi ea tšoanang le eena.
Eaba Morena Molimo o robatsa Adama sephume sa boroko. Eare a sa khalehile, a ba a ntša lehopo le leng ho eena, a busetsa linama tulong tsa lona. Morena Molimo a bopa mosali ka lehopo leo a le ntšitseng ho Adama ‘me a mo tlisa ho eena.
Adama a re: Joale enoa ke lesapo la masapo a ka, ke nama ea nama ea ka: o tla bitsoa mosali, hobane o ntšitsoe ho monna. Ka baka lena, monna o tla siea ntat’ae le ‘m’ae, a khomarele mosali oa hae, ba be ntho e le ‘ngoe. Bobeli ba bona Adama le mosali oa hae ba ne ba le feela, ba se na lihlong.
PESALEMA 127
HO LEHOHONOLO BOHLE BA TšABANG MORENA.
U lehlohonolo uena, ha u tšaba Morena,
‘me u tsamaea litseleng tsa hae.
U tla ja tsa mosebetsi oa matsoho a hau,
katleho le mahlohonolo li u aparele.
Mosali oa hau e tla ka morara o behang.
kahar’a ntlo ea hau;
bana ba hau e tla ka mahlomela a mohloare,
ba potile tafole ea hau.
Efela o hlohonolofatsoa joalo
motho ea tšabang Morena.
Morena a ke a u hlohonolofatse a le Sione,
u ke u bone boiketlo ba Jerusalema
ka matsatsi ‘ohle a ho phela ha hau.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Mareka. (7:24-30)
“Lintjanyana li ee li je makumane a bana tlas’a tafole.”
Ka nako eo, Jesu a tloha moo, a ea tikolohong ea Tire, ‘me a kena ka tlung e ‘ngoe, a sa rate hore a tsejoe ke motho, a mpa a sitoa ho pateha. Efela mosali e mong eo morali oa hae a neng a e-na le moea o litšila, hang ha a mo utloela, a kena ‘me a khumama maotong a hae. Mosali eo e ne e le Mogerike oa mofuta oa ba Siofenikia. A rapela Jesu hore a leleke modemone ho morali oa hae.
Jesu a re ho eena: Lesa bana ba ke ba khore pele; hobane ha se hantle ho nka bohobe ba bana le ho bo akhela lintjanyana. Empa mosali a mo fetola, a re: E, Morena, empa le tsona lintjanyana li ee li je makumane a bana tlas’a tafole. Jesua re ho eena: Ka baka la polelo eo, tsamaea, modemone o tsoile ho morali oa hau.
Ha mosali eo a fihla ka tlung ea hae, a fumana ngoanana a robetse liphateng, ‘me modemone a tsoile.
