Vinkmag ad

La 8 Hlakola 2025

Beke 4 har’a selemo

Labotšelela

Ho baloa Lengolong ho Ba-Heberu. (13:15-17.20-21)

“Molimo oa khotso, ea tsositseng bafung Molisa e moholo a ke a le matlafatse molemong oohle.”

Bana beso! Re ke re hlahise sehlabelo sa tlotliso ho Molimo ka Jesu Kriste kamehla, ke hore se hlahisoang ke melomo e bolelang lebitso la hae. Le se ke la lebala ho thusa ba bang le ho fana: hobane ke ana mahlabelo a khahlang Molimo.

Mamelang balisa ba lona ‘me le ipehe katlas’a bona. Ba lebela meea ea lona joaloka ba tlang ho ikarabella holim’a eona. Ba ke ba etse joalo ka thabo, e seng ka meokho, hobane hoo ho ka be ho se molemo ho lona.

Molimo oa khotso, ea tsositseng bafung Morena Jesu ea fetohileng molisa e moholo oa linku ka mali a selekane se sa feleng, a ke a le matlafatse molemong oohle, e le hore le tle le phethe thato ea hae; ‘me a ke a etse ka ho lona se mo khahlisang ka Jesu Kriste. Letlotlo le be ho Kriste kamehla le mehla. Amen.

PESALEMA 22

MORENA KE MOLISA OA KA, NKE KE KA HLOKA LETHO.

Morena ke molisa oa ka, nke ke ka hloka letho.

O nkatla makhulong a matalana.

O ntsamaisetsa metsing a khutsitseng,

o matlafatsa bophelo ba ka;

O ntataisa tseleng e nepahetseng

ho tlotlisa lebitso la hae.

Leha nka tsamaea khohlong e lefifi ba lefu,

ha ke tšabe bobe bofe kapa bofe.

U ntekela tafole

pontšeng ea lira tsa ka,

u ntlotsa hloho ka oli,

mohope oa ka oa khaphatseha.

Efela lehlohonolo le mohau li tla mphelehetsa

ka matsatsi ‘ohle a bophelo ba ka;

ke tla lula ka tlung ea Morena

ha feela ke ntse ke phela.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Mareka. (6:30-34)

“Ba ne ba ka linku tse se nang molisa.”

Ka nako eo, Baapostola ba khutlela ho Jesu, ba mo phetela tsohle tseo ba li entseng le tseo ba li rutileng. Eaba o re ho bona: A re tsoeleng thokoana, nahathothe, le ke le phomole ho se ho kae. Batho ba tlang ba khutla, ba ne ba le bangata hoo baapostola ba neng ba hloka le sebaka sa ho ja feela.

Eare hoba ba kene sekepaneng, ba ikela nahathothe ba inotši. Empa ba bangata ba ba bona ha ba tloha, ba ba ba elelloa moo ba lebang teng. Ke ha batho ba tsoang metseng eohle ba mathela teng ka maoto ‘me ba ba fihlela pele.

Ha Jesu a e-tsoa sekepaneng, a bona batho ba bangata hakalo, a ba utloela bohloko hobane ba ne ba ka linku tse se nang molisa, ‘me a qala ho ba ruta litaba tse ngata.

Vinkmag ad

Read Previous

La 7 Hlakola 2025

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular