Sehopotso sa Paulosi Miki le balekane ba hae ba Halalelang, Moprista le Bashoela-Tumelo
Labone
Ho baloa Lengolong la Moapostola Paulosi ho Ba-Galata. (2:19-20)
“Ha e sa hlola e le na ea phelang, empa ke Kriste ea phelang ka ho ‘na.”
Bana beso! Ka Molao ke shoele ka nqa ea Molao, ke tle ke phelele Molimo. Ke thakhisitsoe sefapanong hammoho le Kriste. Ha e sa hlola e le ‘na ea phelang, empa ke Kriste ea phelang ka ho ‘na. Leha ke ntse ke phela ‘meleng, ke phela ka tumelo ho Mor’a Molimo, ea nthatileng ‘me ea iteletseng ‘na.
PESALEMA 125
BA JETSENG KA MEOKHO BA KOTULA KA LITLATSE.
Ha Morena a khutlisa ba Sione kholehong,
e n’e ke rea lora.
Melomong ea rona ha utloahala litšeho,
le lelemeng la rona mehoo ea nyakallo.
Ke moo har’a lichaba ho ileng ha thoe:
“Morena o ba etselitse tse kholo.”
Ruri Morena o re etselitse tse kholo,
ebile re li thabetse.
Morena, ak’u khutlise ba habo rona kholehong,
joaloka linoka tse phallang tsa Boroa.
Ba jetseng ka meokho
ba kotula ka litlatse.
Ba ea ba lla,
ba jere peo tsa bona.
Ba nt’o khutla ka litlatse,
ba jere ngatana tsa bona.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (28:16-20)
“Ke nehiloe matla ‘ohle leholimong le lefatšeng.”
Ka nako eo, barutuoa ba leshome le motso o mong ba ea Galilea, thabeng eo Jesu a neng a ba laetse ho mo emela ho eona. Eitse ha ba ‘mona, ba mo khumamela, leha ba bang ba ne ntse ba belaela.
Jesu a atamela, a bua le bona, a re: Ke nehiloe matla ‘ohle leholimong le lefatšeng. E-eang ke hona, le etse ba lichaba tsohle barutuoa ba ka, le ba hlatsoe ka lebitso la Ntate le la Mora, le la Moea o Halalelang le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona. Tsebang hore ke na le lona ka matsatsi ‘ohle ho fihlela bofelo ba lefatše.
