Beke 4 har’a selemo
Labobeli
Ho baloa Lengolong ho Ba-Heberu. (12:1-4)
“Re matheng ka mamello peisong eo re e supisitsoeng.”
Bana beso! Le rona ere ka ha re lika-likiloe ke letšoele le lekalo la lipaki, a re lahleng hohle ho re imelang le sebe se re likanetseng, ‘me re matheng ka mamello peisong eo re e supisitsoeng, re ntse re talimile moetsi le mophethisi oa tumelo, Jesu ea mameletseng sefapano ho e-na le thabo eo a neng a e behetsoe, a sa tsotelle ho nyefoloa, ‘me joale o lutse ka letsohong le letona la terone ea Molimo.
Le fele le talime ea mameletseng khanyetso e kaalo, eo baetsalibe ba mo loantšitseng ka eona, le tle le se ke la khathala, la nyebella moeeng. Hobane ha le e-s’o loane ho fihlela mali a tšoloha, ntoeng ea lona le sebe.
PESALEMA 21
BA U BATLANG BA TLA U RORISA, MORENA.
Ke tla ithorisa ka uena phuthehong e kholo,
ke tla phetha boitlamo ba ka pel’a ba mo tšabang.
Mafutsana a tla ja, a khore;
ba batlang Morena ba tla mo rorisa,
ba iphelele ba thabile kamehla.
Lefatše ka bophara ba lona le tla hopola Morena,
le khutlele ho eena,
meloko eohle ea lichaba
e tla itihela fatše kapele ho eena.
Bohle ba theohelang lebitleng
ba tla itihela fatše kapele ho eena,
bohle ba boetseng leroleng
ba tla inama kapele ho eena.
Ha e le ‘na ke tla mo phelela,
Meloko e tlang ho tla e tla tsebisoa Morena,
sechaba sa ka moso se bolelloe toka ea hae;
ke sena he, se entsoeng ke Morena.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Mareka. (5:21-43)
“Ngoanana ke re ho uena, tsoha!”
Ka nako eo, hoba Jesu a tšelele mose oane ka sekepana, matšoele a maholo a mo khobokanela. O n’a le lebopong la leoatle. Eaba ho tla ho eena motsamaisi e mong oa ntlo ea thapelo, ea bitsoang Jairuse. Ha a bona Jesu, a itihela maotong a hae, a mo kopa ka matla, a re: Moralinyana oa ka o lekhatheng la lefu; ak’u tle, u ‘mehe letsoho, a tle a fole ‘me a phele.
Jesu a ea le eena. Letšoelehali le ne le mo latela, le mo pupelitse. Ho ne ho le teng moo mosali e mong eo e neng e s’e le lilemo tse leshome le metso e ‘meli a tšoenngoa ke phallo ea mali. O n’a s’a ile a utloa mahloko a tšabehang tlas’a tšebetso ea lingaka tse ngata, hoo a neng a se a qetile lintho tsohle tsa hae, a sa fumane thuso le e nyenyane, empa bohloko bona bo ntse bo tota.
Eare hoba a utloe tsa Jesu, a kena har’a letšoele, a atamela kamorao ho eena, ‘me a ama seaparo sa hae. Hobane o n’a re: Ha feela nka mpa ka ama liaparo tsa hae, ke tla pholoha. Hang-hang phallo ea mali ea khaotsa, a ikutloa ‘meleng hore o folile bohlokong ba hae.
Kapele-pele Jesu, ka ho tseba hore matla a tsoile ho eena, a retelehela ho letšoele, a re: Ke mang ea ammeng liaparo tsa ka? Barutuoa ba hae ba re ho eena: U ntse u bona letšoele kamoo le u patisitseng kateng, feela u botsa hore na ke mang ea u ammeng?
Eena o n’a nts’a qamaka kahohle ho bona ea entseng joalo. Mosali, hobane eena a n’a tseba se etsahetseng ka ho eena, a qala ho tšoha le ho thothomela; eaba oa tla, o fihla a itihela pel’a hae, a ‘molella ‘nete eohle. Jesu a re ho eena: Morali oa ka, tumelo ea hao e u pholositse. Ikele ka khotso: ebe ke ha u folile bohlokong ba hau.
Eare a sa ntsane a bua, ba bang ba tsoang ha motsamaisi oa ntlo ea thapelo, ba fihla ba re ho Jairuse: Morali oa hau o hlokahetse; u sa nts’u khathaletsa’ng Moruti na?
Empa Jesu, ha a utloa pehi e tlisoang ke bona, a re ho motsamaisi oa ntlo ea thapelo: U se ke ua tšaba, u mp’u be le tumelo feela. ‘Me ha a ka a lumella motho ho mo sala morao, ha e se Peterosi, le Jakobo le Joannes, ngoan’abo Jakobo.
Ba fihla tlung ea motsamaisi oa ntlo ea thapelo. A bona moferefere, batho ba llang, ba bile ba bokolla habohloko. A kena, a re ho bona: Le etsetsa’ng moferefere ona? Le llela’ng na? Ngoanana ha a shoa, o mpa a robetse.
Ba mo tšeha. Empa eena, hoba a ba ntšetse kantle kaofela, a kena moo ngoanana a robetseng teng, a e-tla le ntata ngoanana le ‘mae, le ba neng ba e-na le eena. A tšoara ngoanana ka letsoho, a re ho eena: “TalithaKum!” Ke ho re, ha ho fetoleloa: Ngoanana, ke re ho uena, tsoha!
Hang-hang ngoanana a tsoha, a qala ho tsamaea; e ne e le ngoanana ea lilemo li leshome le metso e ‘meli. Batho ha ba bona hoo, ba makala haholo. Eaba Jesu o ba laea ka thata hore ho se ke ha e-ba motho ea tsebang taba ena; a nt’o ba bolella hore ba fe ngoanana lijo.
