Beke ea 4 har’a selomo
‘Mantaha
Ho baloa Lengolong ho Ba-Heberu. (11:32-40)
“Ka tumelo ea bona ba ile ba fenya mebuso, Molimo o re lokiselitse tse molemo ho feta.”
Bana beso! Ke tla re’ng hape? Hobane nka haelloa ke sebaka ha nka bua ka Gedeone, Barake, Samsone, Jafeta, Davida, Samuele le baprofeta, bao, ka tumelo ea bona, ba ileng ba fenya mebuso, ba sebetsa ka toka, ba fihlela seo ba neng ba se baletsoe. Ba koala melomo ea litau, ba tima bohale ba mollo, ba qoba bohale ba sabole. Ba fola maloetseng a bona, ba fetoha linatla ntoeng, ba qhala makhotla a balichaba. Basali, le bona, ba khutlisetsoa bang-ka-bona ba tsohileng bafung.
Ba bang, hore ba tle ba fihlele tsoho e bokhabane ka ho fetisa ba ile ba hana ho itokolla, leha ba hlokofatsoa ka sehloho. Ba bang ba mamella litšomo le lichapo, esita le mahlaahlela le lichankana; ba tlepetsoa ka majoe, ba khaoloa likoto, ba bolaoa ka sabole.
Ba phailaka ba apere matatana a lipoli, ba futsanehile, ba hlophehile, ba hlorile, e leng bao lefatše le neng le sa ba tšoanele: ba lelera mafeelleng, lithabeng, mahaheng le matšabeng a lefatše.
Empa bana bohle, leha ba pakiloe ka baka la tumelo ea bona, ha ba ka ba amohela seo Molimo a se baletseng, hobane Molimo o re lokiselitse tse molemo ho feta, e le hore bona ba se ke ba phetheha rona re le sieo.
PESALEMA 30
TŠOARANG LE TIEE, BETANG PELO, LONA BOHLE BA TŠEPILENG MORENA.
Morena, ke o mokakang molemo
oo u o boloketseng ba u tšabang,
oo pontšeng ea bana ba batho,
u o etsetsang ba tšabelang ho uena.
U ba pata moo uena ka sebele u leng teng,
hole le maqiti a batho;
u ba boloka motlotloaneng oa hau,
hole le maleme a jalang liqabang.
Ho bokoe Morena ea mpontšitseng mohau o tsotehang,
motseng o sireletsehileng.
Empa pherekanong ea ka, ke ne ke re:
Ke lahletsoe hole le sefahleho sa hau.
Ratang Morena, lona metsoalle eohle ea hae;
Morena ke mosireletsi oa ba tšepahalang.
Empa ba ikhohomosang,
o ba fa se ba lokelang ka ho tlala.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Mareka. (5:1-20)
“Tsoa ho motho eo, uena moea o litšila.”
Ka nako eo, Jesu le barutuoa ba hae ba fihla mose oane ho leoatle, naheng ea Ba-Gerasa. Eare a sa tsoa sekepaneng, a khahlanyetsoa ke motho ea tsoang mabitleng, ea nang le moea o litšila, o n’a lula mabitleng, ‘me ho no ho se ea ka mo tlamang, esitana le ka liketane; hobane hangata ha a tlamiloe ka litšepe maotong le ka liketane matsohong, o n’a khaola liketane, A roba litšepe likotoana, ‘me ho no ho se ea ka mo hlolang. Kamehla, nyene le bosiu, o n’a le mabitleng le lithabeng, a ikitletsa ka majoe.
Eitse ha a bona Jesu a sa le hole, a matha, a mo khumamela, ‘me a hooa ka lentsoe le phefa, a re: Taba ea ka le uena ke efe, Jesu, Mor’a Molimo e moholo-holo?
Ke u rapela ka Molimo, u se ke ua ntlhokofatsa. Hobane Jesu o n’a re ho eena: Tsoa ho motho eo, uena moea o litšila. Joale Jesu a o botsa, a re: Lebitso la hao u mang? Oa araba, oa re ho eena: Lebitso la ka ke Iebotho, hobane re bangata. ‘Me o n’o mo rapela haholo hore a se ke a o leleka naheng eo.
Ho no ho le teng moo, thabeng, mohlape o moholo oa likolobe tse fulang. Eaba meea e litšila e rapela Jesu e re: Re romele likolobeng tseo, re kene ho tsona. A e lumella. Meea e litšila ea tsoa ho motho, ea kena likolobeng, ‘me mohlape oa matha, oa itsubelletsa leoatleng. Li ne li batla li etsa likete tse peli, ‘me tsa khangoa ke metsi leoatleng.
Ba neng ba lisitse likolobe tseo ba baleha, ba ea tsebisa batho ba motseng le ba naheng, ‘me batho ba tla ho bona se etsahetseng. Ba fihla ho Jesu, ba bona ea neng a tšoenngoa ke modemone a lutse, a apere, a e-na le kelello e lokileng, ‘me ba tšoha. Ba neng ba bone ba ba bolella se etsahetseng ho ea neng a e-na le modemone le ho likolobe. Eaba ba qala ho rapela Jesu hore a mpe a tlohe naheng ea bona.
Eaba ha Jesu a kena sekepaneng, ea neng a khathatsoa ke modemone a mo rapela hore a ‘ne a be le eena. Jesu ha a ka a mo lumella, empa a re ho eena: Ikele haeno ho bana beno: u ba bolelle tse kholo tseo Molimo a u etselitseng tsona, le kamoo a ileng a u hauhela kateng.
Eaba oa ikela ‘me a qala ho tumisa naheng ea Dekapolise tse kholo tseo Jesu a mo etselitseng tsona: ‘me bohle ba ne ba makala.