Vinkmag ad

La 1 Hlakola 2025

Beke ea 3 har’a selemo

Labotšelela

Ho baloa Lengolong ho Ba-Heberu. (11:1-2.8-19)

 “O n’a lebeletse motse, oo mohlomi le moahi oa oona e leng Molimo.”

Bana beso! Tumelo ke setšehetso sa lintho tse tšoanetseng ho lebelloa, kholo ea tse sa bonoeng. Baholo-holo ba ile ba pakeloa ka eona.

Ka tumelo, Abrahama a mamela ha a bitsoa ke Molimo a ba a ea naheng eo e tlang ho ba lefa la hae, ‘me a tloha a sa tsebe moo a eang teng.

Ka tumelo a lula joaloka molichaba naheng eo a e baletsoeng. A lula litenteng, le Isaaka le Jakobo, bao e leng majalefa a pallo e le ‘ngoe le eena. Hobane o n’a lebeletse motse o nang le motheho o tiileng, oo mohlomi le moahi oa oona e leng Molimo.

Ka tumelo le eena Sara eo e neng e le nyopa, a fuoa matla a ho emola, leha a se a tsofetse, hobane o ile a lumela hore ea mo etselitseng pallo oa tšepahala.

Ka baka leo ho monna eo a le mong ea neng a se a tsofetse hampe, ho tsoile litloholo tse ngata joaloka linaleli tsa leholimo le lehlabathe le lebopong la leoatle, le se nang ho baloa.

Bohle bao ba shoetse tumelong, ba e-s’o amohele tseo ba neng ba li baletsoe, empa ba li bonetse hole, ba li lumelisitse ‘me ba ipoletse hore ke bajaki le baeti lefatšeng. Hobane ba buang joalo ba paka hore ba batla naha eo e leng ea habo bona. ’Me hojane ba ne ba sa ntse ba hopotse naha eo ba tsoileng ho eona ba ka be ba fumane sebaka sa ho boela teng ka bonolo.

Empa joale ba lakatsa lehae le letle ho feta, e leng la leholimo. Ka baka leo Molimo ha a lihlong ho bitsoa Molimo oa bona, hobane o ba lokiselitse motse.

Ka tumelo Abrahama, mohla a nonngoang, a nyehela ka Isaaka. A nyehela ka mora oa hae a inotši, eena Abrahama ea neng a nehiloe lipallo, eo ho itsoeng ho eena: Ke ka Isaaka u tlang ho fuoa litloholo tse tla bitsoa ka uena. O n’a kholoa hore Molimo o na le matla esita le a ho tsosa motho bafung, ‘me efela a boela a amohela mora oa hae; ‘me hona e ne e le setšoantšo.

PESALEMA 50

U RE HAUHELE, MORENA, HOBANE RE U SITETSOE.

Nkhauhele, oho Molimo, ka lerato la hau;

ka baka la boholo ba mehauhelo ea hau

u hlakole melato ea ka.

Ntlhatsoe, u ntlhatsoisise phoso ea ka,

u ntlhoekise sebe sa ka.

Hobane ke ipona molato,

‘me sebe sa ka ke sitoa ho se lebala.

Ke entse sebe, ke sitetsoe uena u inotši,

ke entse ho leng hobe mahlong a hau.

Ka tsela ena ua nepa ha u ahlola,

‘me u na le toka ha u liha nyeoe.

Etsoe ke belehiloe ke sa loka,

‘m’e a nkemola ke le moetsalibe.

Etsa hore ke boele ke utloe litlatse tsa thabo,

masapo ao u a sohlokileng a tlalake.

Thantša mahlo, u se shebe libe tsa ka,

u hlakole liphoso tsohle tsa ka.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Mareka. (4:35-40)

“Enoa ke mang, ha e le moo moea le leoatle li mo mamela?”

Mantsiboeeng a tsatsi lona leo, Jesu a re ho barutuoa ba hae: A re tšeleleng mose oane. Hoba ba qhale matšoele, ba ea le eena ka sekepana seo a neng a le ho sona; ‘me likepana tse ling tsa mo felehetsa. Ke ha ho tsoha moea o matla oa sefefo, maqhubu a khaphaletseha ka sekepaneng, hoo sekepana se bileng sa tlala.

Ha e le eena, o n’a le sebakeng se kamorao, a ithobaletse mosamong. Eaba baa mo tsosa, ba re ho eena:Moruti, ha u tsotelle leha re timela na? A tsoha, a khalemela moea, ‘me a re ho leoatle: Thola, u khutse!

Joale moea oa khaotsa, ha e-ba le khutso e kholo. A nt’o re ho bona: Le boi ke’ng? Le sa ntsane le hloka tumelo le joale? Bona ba tšoha haholo, ba botsana, ba re: Enoa ke mang ha e le moo moea le leoatle li mo mamela?

Vinkmag ad

Read Previous

La 31 Pherekhong 2025

Read Next

La 3 Hlakola 2025

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular