Beke ea 2 har’a selemo
Labone
Ho baloa Lengolong ho Ba-Heberu. (7:25-8,6)
“O phethile sehlabelo hanngoe feela, ka ho iketsa sehlabelo e le eena.”
Bana beso! Jesu o na le matla a ho pholosa kamehla eohle ba tlang ho Molimo ka eena, kaha a phela kamehla ho ba buella.
Efela ho ne ho tšoaneleha hore re be le moprista e moholo ea joalo, ea halalelang, ea se nang molato leha e le sekoli, eo e seng moetsalibe, ea phahamiselitsoeng ka holimo ho maholimo; ea sa hlokeng ho nyehela mahlabelo ka matsatsi, pele ka baka la libe tsa hae, ‘me kamorao ka baka la tsa sechaba, joaloka baprista ba bang ba baholo. Hobane hona Jesu Kriste Morena oa rona o ho phethile hanngoe feela, ka ho iketsa sehlabelo e le eena.
Efela Molao oa Moshe o behile batho ba nang le mefokolo baprista ba baholo, athe kamorao ho mehla ea Molao, Molimo o behile Mora oa hae ka kano, hore e be moprista ea phethehileng ka bosafeleng.
Joale taba ea mantlha ea tse boletsoeng ke hore re na le moprista e moholo ea joalo, ea lutseng ka letsohong le letona ho terone ea botlotlehi maholimong. Ke mosebeletsi oa sehalalelo le oa motlotloane oa sebele o hlomiloeng ke Morena, e seng ke motho. Hobane moprista ofe le ofe o behetsoe ho hlahisa linyehelo le mahlabelo; ka baka leo e ka khona le eena a be le seo a ka se hlahisang.
Joale hoja a le lefatšeng, e ka be e se moprista, kaha ba bang ba le teng ba hlahisang linyehelo ka mokhoa oa Molao. Empa ho sebeletsa ha bona ke setšoantšo le seriti feela sa tsa motlotloane: Talima ha rialo Molimo, ‘me u etse tsohle ka ho ea ka mohlala o bontšitsoeng thabeng.
Athe moprista e moholo oa rona o abetsoe tšebeletso hobane ke ‘moelanyi oa selekane se seholo ho feta, se thehiloeng holim’a lipallo tse kholo hofeta tsa selekane sa khale.
PESALEMA 39
KE ‘NA EO! KE TLA HO PHETHA THATO EA HAU, MORENA.
Morena ha u khahloe ke mahlabelo,
leha e le linyehelo, empa u nthibolotse litsebe;
ha u hloke licheso le mahlabelo bakeng la sebe:
ke ha ke re: Ke ‘na eo, kea tla!
Bukeng ho ngotsoe taelo
ea hore ke phethe thato ea hau:
Molimo oa ka, lerato la molao oa hau
le botebong ba pelo ea ka.
Ke phatlalalitse tse monate phuthehong e kholo,
ha kea ka ka thola, ua tseba, Morena.
Toka ea hau ha kea ka ka ipolokela eona
boinotšing ba pelo ea ka,
empa ke boletse botšepehi ba hau le pholoho ea hau.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Mareka. (3:7-12)
Meea e litšila e hooa, e re: “U Mor’a Molimo.” Empa eena o n’a e laea thata hore e se ke ea ‘molela.
Ka nako eo Jesu a ikela le barutuoa ba hae nqa ea leoatleng ‘me a saloa morao ke bongata bo boholo ba batho bo tsoang Galilea, Judea, Jerusalema, Idumea, le naheng e mose ho Jordane, le tikolohong ea Tire le Sidone.
Ha batho ba utloa tseo a li etsang, ba tla ho eena ka bongata bo boholo. A bolella barutuoa ba hae ho mo lokisetsa sekepana, ka baka la letšoele, hore batho ba tle ba se ke ba mo petetsa. Hobane, kaha a n’a folisa ba bangata, ba ne ba khorometsehela ho eena, ba tle ba mo ame. ‘Me meea e litšila, ha e ‘mona, e ne e itihela fatše kapel’a hae, e hooa, e re: “U Mor’a Molimo.” Empa eena o n’a e laea thata hore e se ke ea ‘molela.
