Beke ea 1 har’a selemo
Laboraro
Ho baloa Lengolong ho Ba-Heberu. (2:14-18)
“E ne e le tšoanelo hore a tšoane le bana b’abo ka tsohle.”
Bana beso! Kaha bohle bao Jesu a ba bitsang bana e le batho ba nama le mali, le eena a abeloa botho ka mokhoa o tšoanang le bona, e le hore, ka lefu la hae, a fenye ea nang le borena holim’a lefu, e leng diabolosi, ‘me a lopolle ba neng ba tlanngoe bokhobeng bophelong bohle ba bona, ka baka la ho tšaba lefu. E fela ha se manyeloi ao Jesu a a thusang, empa o thusa ba leloko la Abrahama.
Ka baka leo e ne e le tšoanelo hore a tšoane le bana babo ka tsohle, e le hore, tšebeletsong ea Molimo, e tle e be eena moprista e moholo oa bona, ea tletseng mohau ‘me ea tšepahalang, a tle a lefelle libe tsa sechaba. ‘Me kaha a ile a utloa bohloko, a ba a lekoa, o na le matla a ho thusa ba lekoang.
PESALEMA 104
MORENA HA A LEBALE SELEKANE SA HAE LE KA MOHLA.
Bokang Morena, rapelang lebitso la hae,
le tumise liketso tsa hae lichabeng.
Mo bineleng, le mo roke,
le inahane ka tsohle tse tsotehang tsa hae.
Ithoriseng ka lebitso le halalelang la hae,
lipelo tsa ba batlang Morena li ke li thabe.
Batlang Morena le matla a hae,
thahasellang sefahleho sa hae ho se khaotso.
Lona, lesika la Abrahama, mohlanka oa hae,
lona, bana ba Jakobo, mokhethuoa oa hae.
Ke eena Morena, Molimo oa rona,
likahlolo tsa hae li aparela lefatše.
Ha a lebale selekane sa hae le ka mohla,
polelo eo a e etselitseng meloko e sekete,
selekane seo a se hlabileng le Abrahama,
le kano ea hae ho Isaaka.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Mareka. (1:29-39)
“A folisa bakuli ba bangata ba neng ba jeoa ke mafu a mefuta-futa.”
Ka nako eo, ha Jesu a e-tsoa tlung ea thapelo, a kena ha Simone le Andreas, a e-na le Jakobo le Joannes. Mohoehali oa Simone o n’a robetse ke feberu, ‘me ba phakisa ba tsebisa Jesu ho kula ha hae. Jesu a atamela, a mo tšoara ka letsoho, a mo emisa. Hang feberu ea mo tlohela, a ba a ba sebeletsa.
Eare ka phirimana, ha letsatsi le se le liketse, ba mo tlisetsa bohle ba kulang le ba tšoenngoang ke bademone, ‘me motse kaofela o n’o bokane monyako. A folisa bakuli ba bangata ba neng ba jeoa ke mafu a mefuta-futa, a leleka bademone ba bangata, empa a sa ba lumelle ho bua, hobane ba ne ba mo tseba.
A tsoha e sa le ka meso, a tsoa motseng, a ikela nahathothe ‘me a rapela teng. Simone le ba nang le eena ba mo sala morao: ‘me eitse ha ba mo fumana, ba re ho eena: Bohle ba ea u batla. ‘Me a re ho bona: A re eeng nq’e ‘ngoe metseng e haufi, ke tle ke rute le hona teng, hobane ke tletse hona.
‘Me o n’a ea le Galilea eohle, a nts’a ruta matlung a bona a thapelo, a bile a leleka bademone.
