Vinkmag ad

La 11 Pherekhong 2025

Kamor’a Boiponahatso

Labotšelela

Ho baloa Lengolong la Pele la Moapostola Joannes. (5:14-21)

“Oa re utloa leha re kopa ntho efe kapa efe.”

Baratuoa! Tšepo eo re nang le eona ho Molimo ke ena: ha re kopa ho hong ho eena ka ho ea ka thato ea hae, oa re utloa. Kaha re tseba hore oa re utloa leha re kopa ntho efe kapa efe, re tseba le teng hore tseo re li kopang ho eena e s’e nts’e le tsa rona.

Ha motho a bona ngoan’abo a etsa sebe se sa iseng lefung, a ke a rapele, ‘me bophelo bo tla nehoa ea sa etseng sebe se isang lefung. Se teng sebe se isang lefung, ha se seo ke reng motho a se rapelle. Eng le eng e sa lokang ke sebe, empa sebe se teng se sa iseng lefung.

Rea tseba hore mang le mang ea tsoetsoeng ke Molimo ha a etse sebe, empa Mora oa Molimo oa ‘moloka ‘me E mobe a ke ke a mo ama. Rea tseba hore re ba Molimo, le hore lefatše lohle le matleng a E mobe.

Le teng rea tseba hore Mora oa Molimo o tlile ‘me o re nehile kutloisiso, hore re tsebe Molimo oa ‘nete. Re phela re kopane le Molimo oa ‘nete, le Mora oa hae Jesu Kriste. Ke eena Molimo oa ‘nete le bophelo bo sa feleng.

Bana ba ka ba banyenyane, tšabang melimo ea bohata.

PESALEMA 149

MORENA O KHAHLILOE KE SECHABA SA HAE.

Binelang Morena sefela se secha,

le mo roke phuthehong ea metsoalle ea hae.

Israele a ke a ithabele ka ‘Mopi oa hae,

bana ba Sione ba nyakalle ka khosi ea bona.

Ba ke ba rorise lebitso la hae ka mehobelo,

ba mo roke ka meropana le harepa;

hobane Morena o khahliloe ke sechaba sa hae,

o sitsa ba hlophehileng ka pholoho.

Metsoalle ea hae e tla ba motlotlo,

e hooe ka thabo ha e itihela ka pele ho eena:

e phafe Molimo ka lentsoe le phefa:

ke bona boitumelo ba metsoalle eohle ea hae.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Joannes. (3:22-30)

 “Motsoalle oa monyali o thaba ha a utloa lentsoe la monyali.”

Ka nako eo, Jesu a tla tikolohong ea Judea le barutuoa ba hae. A lula teng le bona a ntse’a hlatsoa, Joannes le eena o n’a hlatsoetsa Enone haufi le Salime, hobane metsi a n’a le mangata hona teng; ‘me batho ba ne ba e-tla ho hlatsuoa. E ne e le pele Joannes a kenngoa chankaneng.

Ke ha khang e hlaha pakeng tsa barutuoa ba Joannes le Mojudi e mong mabapi le tlhoekiso ea Sejudi. Joale ba tla ho Joannes, ba re ho eena: Moruti, motho eo u neng u e-na le eena mose ho Jordane, eo u mo pakileng, ke eo a hlatsoa ‘me bohle ba ea ho eena.

Joannes a araba, a re: Ha ho motho ea ka bang le letho, ha e se ha a le nehiloe ke Molimo. Le lona ka sebele le lipaki tsa ka, hore ke itse: ‘Na ha ke Kriste, empa ke ronngoe ho mo etella pele. Ke monyali ea nang le monyaluoa. Motsoalle oa monyali ea emeng pel’a hae ‘me a mo utloa, eena o ee a thabe haholo ha a utloa lentsoe la monyali. Thabo eo ke eona ea ka, ‘me ea khaphatseha. E ka khona eena a be moholo ‘na ke nyenyefale.

Vinkmag ad

Read Previous

Lihoai li tentšana tšea

Read Next

La 13 Pherekhong 2025

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular