Vinkmag ad

La 10 Pherekhong 2025

Kamor’a Boiponahatso

Labohlano

Ho baloa Lengolong la Pele la Moapostola Joannes. (5:5-6.8-13)

“Moea, metsi le mali.”

Baratuoa! Ke mang ea hlolang lefatše, ha e se ea lumelang hore Jesu ke Mor’a Molimo? Ke eena Jesu Kriste ea tlileng ka metsi le ka mali; e seng ka metsi feela, empa ka metsi le ka mali. ‘Me ke Moea o pakang hona, hobane Moea ke ‘nete. Ka hoo lipaki li tharo: ke moea, metsi le mali, ‘me tse tharo tsena li ntsoe-leng.

Ha eba re amohela bopaki ba batho, bopaki ba Molimo bo boholo ho feta, hobane ke bona bopaki boo Molimo a pakileng Mora oa hae ka bona. Ea lumelang ho Mora oa Molimo, o na le bopaki ba Molimo ka ho eena. Ea sa lumeleng ho Mora, o shanofatsa Molimo, hobane ha a lumele bopaki boo a pakileng Mora oa hae ka bona.

Joale bopaki ke bona: Molimo o re nehile bophelo bo sa feleng, ‘me bophelo bona bo ho Mora oa hae. Ea nang le Mora o na le bophelo; ea se nang Mora ha a na bophelo.

Ke le ngolla tsena le tle le tsebe hore le na le bophelo bo sa feleng, lona ba lumetseng ho Mor’a Molimo.

PESALEMA 147

TLOTLISA MORENA, JERUSALEMA

Tlotlisa Morena, uena Jerusalema,

rorisa Molimo oa hau, uena Sione.

O tiisitse mekoallo ea menyako ea hau,

 o hlohonolofalitse bana ba phelang ka ho uena.

O entse hore khotso e be meeling ea hau,

o u khorisa koro e khethehileng.

 O romela litaelo tsa hae lefatšeng,

molaetsa oa hae o matha ka potlako.

O senoletse Jakobo lipallo tsa hae,

o nehile Israele litaelo le likahlolo tsa hae.

Ha ho sechaba se seng

seo a kileng a se etsetsa joalo,

a se senolela likahlolo tsa hae.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka. (5:12-16)

“Hang lepera la mo tlohela.”

Ha etsahala hore ha Jesu a le motseng o mong, monna ea tsoileng lepera hohle, ha a bona Jesu, a itihele fatše ka sefahleho, a mo rapela, a re: Morena, ha u rata, u ka mpholisa. Jesu a nanabetsa letsoho, a mo ama, a re: Kea rata, fola! ‘Me hang lepera la mo tlohela.

Eaba o mo laea ho se bolelle motho, a re: Empa e-ea, u ipontše ho moprista, ‘me u etse nyehelo ka baka la tlhoekiso ea hau, kamoo Moshe a laetseng kateng, e tle e be bopaki ho bona. Botumo ba Jesu bo ne bo eketseha, ‘me matšoele a mangata a n’a phuthehela ho mo mamela le ho folisoa mafung a ‘ona. Ha e le eena a ikela nahathothe ho ea rapela.

Vinkmag ad

Read Previous

La 9 Pherekhong 2025

Read Next

Lihoai li tentšana tšea

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular