Kamor’a boiponahatso
Labone
Ho baloa Lengolong la Pele la Moapostola Joannes. (4:19-5,4)
“Ea ratang Molimo, a rate le ngoan’abo.”
Baratuoa! Ha e le rona, re rateng Molimo, etsoe o re ratile pele. Ha motho a ka re: Ke rata Molimo, empa a hloile ngoan’abo o leshano. Hobane ea sa rateng ngoan’abo eo a ‘monang, a ka rata joang Molimo eo a sa ‘moneng na? ‘Me ke ena taelo eo re e nehiloeng ke Molimo: Ea ratang Molimo, a rate le ngoan’abo.
Mang le mang ea lumelang hore Jesu ke Kriste o tsoetsoe ke Molimo, ‘me mang le mang ea ratang motsoali, o rata le ngoana ea tsoetsoeng ke eena.
Hoo re tsebang ka hona hore re rata bana ba Molimo, ke ha re rata Molimo ‘me re boloka melao ea hae: hobane ho rata Molimo ke ho boloka melao ea hae, ‘me melao ea hae ha e boima. Etsoe mang le mang ea tsoetsoeng ke Molimo o s’a nts’a hlotse lefatše. ‘Me tlholo e hlolang lefatše ke tumelo ea rona.
PESALEMA 71
LICHABA TSOHLE TSA LEFATšE LI TLA U SEBELETSA, MORENA.
Oho Molimo, ak’u nehe khosi matla a hau a ho ahlola.
ho mora oa khosi toka ea hau,
a tle a ahlole sechaba sa hau ka toka,
le mafutsana a hau ntle le leeme.
O tla ba lopolla khatellong le tlhekefetsong,
mali a bona ke ntho ea bohlokoa mahlong a hau.
Ba tla mo rapela ho se khaotso,
ba mo boke tsatsi lohle.
Lebitso la hae le se ke la lebaloa ho isa khale,
le ‘ne le hopoloe ha feela letsatsi le ntse le chaba.
Merabe eohle ea lefatše e tla hlohonolofala ka eena,
lichaba tsohle li tla ‘mitsa ea lehlohonolo.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka. (4:14-22)
“Polelo ena ea Mangolo e phethahetse kajeno.”
Ka nako eo, Jesu a boela Galilea ka matla a Moea, ‘me botumo ba hae ba tlala naha eo eohle. O n’a ruta matlung a bona a thapelo, a rorisoa ke bohle, ‘me a tla Nazaretha, moo a holetseng teng; a kena tlung ea thapelo ka letsatsi la Sabbatha, kamoo a neng a tloaetse kateng, eaba o’a ema o il’o bala. Ba mo neha buka ea moprofeta Isaea. Ha a e phetla, a fumana moo ho ngotsoeng, ho thoe: Moea oa Morena o ka ho ‘na, hobane o ntlotsitse. O nthometse ho tlisetsa bafumanehi litaba tse monate, ho tsebisa ba kholehong hore ba lokolotsoe, le lifofu hore li tla bona, ho lopolla ba hateletsoeng le ho phatlalatsa selemo sa mohau oa Morena.
Eare hoba a koale buka, a e busetsa ho mohlanka, ‘me a lula fatše. Bohle ba ka tlung ea thapelo ba ne ba lebisitse mahlo ho eena. A qala ho bua le bona, a re: Kajeno polelo ena ea Mangolo eo le tsoa e utloa, e phethahetse. Bohle ba ne ba mo pakela, ba makalla lipolelo tse monate tse tsoang molomong oa hae.
