Vinkmag ad

La 8 Pherekhong 2025

Kamor’a Boiponahatso

Laboraro

Ho baloa Lengolong la Pele la Moapostola Joannes. (4:11-18)

“Ha re ratana, Molimo o lula ka ho rona.”

Baratuoa, ha Molimo a re ratile hakaalo, le rona re tšoanetse ho ratana. Ha ho motho ea kileng a bona Molimo le ka mohla. Ha re ratana, Molimo o lula ka ho rona, ‘me lerato la hae le phethehile ka ho rona.

Hoo re tsebang ka hona hore re lula ka ho eena le eena ka ho rona, ke hobane o re abetse Moea oa hae. Rona re bone, re bile re paka hore Ntate o rometse Mora oa hae ho ba Mopholosi oa lefatše. Ea bolelang hore Jesu ke Mora oa Molimo, Molimo o lula ka ho eena, le eena ka ho Molimo. Rona re tsebile, ra ba ra lumela lerato leo Molimo a nang le lona ho rona. Molimo ke Lerato, ‘me ea lulang leratong o lula ka ho Molimo, le Molimo ka ho eena.

Lerato la Molimo ka ho rona e tla ba le phethehileng, ha eba re na le tšepo e tiileng tsatsing la Kahlolo; hobane tšepo eo Kriste a nang le eona, le rona re na le eona mona lefatšeng. Tšabo ha e eo leratong, empa lerato le phethehileng le qhala tšabo, kahobane tšabo e tsamaea le kotlo ‘me ea nang le tšabo ha a phetheha leratong.

PESALEMA 71

LICHABA TSOHLE TSA LEFATšE LI TLA U SEBELETSA, MORENA.

Oho Molimo, ak’u nehe khosi matla a hau a ho ahlola,

ho mora oa khosi toka ea hau,

a tle a ahlole sechaba sa hau ka toka,

le mafutsana a hau ntle le leeme.

Likhosi tsa Tharshishe le tsa lihleke-hleke

li tla mo isetsa lekhetho,

likhosi tsa Arabia le tsa Saba

li mo tlisetse liabo.

Likhosi tsohle li tla itihela fatše

ka pele ho eena,

lichaba tsohle li mo sebeletse.

Hobane o tla pholosa mohloki ea llang,

le mohlophehi ea se nang mothusi.

O tla utloela mofokoli le mohloki bohloko,

‘me a pholose bophelo ba mafutsana.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Mareka. (6:45-52)

“Barutuoa ba bona Jesu a tsamaea holim’a leoatle.”

Ha banna ba likete tse hlano ba se ba jele ‘me ba khotše, kapele-pele Jesu a laela barutuoa ho kena sekepaneng hore ba mo etelle pele ho ea mose Bethsaida, ha eena a sa ntse a qhala batho. Eare hoba a ba qhale, a nyolohela thabeng ho ea rapela.

Ha shoalane e tšoara, sekepana se ne se le har’a leoatle, Jesu eena o n’a le lebopong, a inotši. A bona barutuoa ba hae ba soka ka thata, kaha ba ne ba tobane le moea.

Ha bosiu bo oela fatše, a tla ho bona, a ntse a tsamaea holim’a leoatle, ‘me o n’a rata ho ba feta. Bona ha ba ‘mona a tsamaea holim’a leoatle, ba hopola hore ke sethotsela, ‘me ba hoeletsa hobane bohle ba ne ba ‘mone ‘me ba ne ba ferekana.

Empa a phakisa a bua le bona, a re: Betang lipelo ke ‘na, se tšabeng. A nt’o hloella ho bona sekepaneng, ‘me moea oa khaotsa. Ba makala ho feta hobane ba ne ba sa ka ba utloisisa mohlolo oa mahobe, kaha lipelo tsa bona li ne li thatafetse.

Vinkmag ad

Read Previous

La 7 Pherekhong 2025

Read Next

La 9 Pherekhong 2025

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular