Kamor’a Boiponahatso
Labobeli
Ho baloa Lengolong la Pele la Moapostola Joannes. (4:7-10)
“Molimo ke lerato.”
Baratuoa, a re rataneng, kahobane lerato le tsoa ho Molimo. ‘Me mang le mang ea ratang o tsoetsoe ke Molimo ‘me o tseba Molimo. Ea sa rateng ha a tsebe Molimo, kaha Molimo e le lerato.
Hoo lerato la Molimo ho rona le bonahetseng ka hona, ke hona: Molimo o rometse Mora oa hae a inotši lefatšeng, re tle re be le bophelo ka eena. Seo lerato la hae le leng sona, ke sena: ha se rona re ratileng Molimo, empa ke eena ea re ratileng, ‘me ea rometseng Mora oa hae ho ba tefello ea libe tsa rona.
PESALEMA 71
LICHABA TSOHLE TSA LEFATšE LI TLA U SEBELETSA, MORENA.
Oho Molimo, ak’u nehe khosi matla a hau a ho ahlola,
ho mora oa khosi toka ea hau,
a tle a ahlole sechaba sa hau ka toka,
le mafutsana a hau ntle le leeme.
Lithaba li ke li tlisetse sechaba khotso,
le maralla a se tlisetse toka.
O tla ahlolela ba hlophehileng sechabeng,
a pholose bana ba mohloki.
Tšiung tsa hae toka e tla ata, le khotso ea ‘nete
ho fihlela khoeli e fella ruri.
O tla rena ho tloha leoatleng le leng
ho ea kena ho le leng,
le ho tloha nokeng
ho isa lipheletsong tsa lefatše
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Mareka. (6:34-44)
Ka ho atisa mahobe, Jesu o itsebisa e le moprofeta.
Ka nako eo, ha Jesu a e-tsoa sekepaneng, a bona bongata bo boholo ba batho, a ba utloela bohloko, hobane ba ne ba le joaloka linku tse se nang molisa. A qala ho ba ruta litaba tse ngata. Ere ka ha letsatsi le ne se le ile haholo, barutuoa ba hae ba tla ho eena, ba re: Mona ke nahathothe, le nako e se e ile. Ak’u ba qhale hore ba ee metsaneng le metseng e haufi ho ea ithekela seo ba ka se jang.
Jesu a araba, a re ho bona: Ba fepeng e le lona. Ba re ho eena: Na re tla ea reka mahobe ka lidenare tse makholo a mabeli, re tle re ba fepe na? Eena a re ho bona: Le na le mahobe a makae? E-eang, le bone. Ha ba tsebile, ba re: A mahlano le lihlapi tse peli.
Eaba o ba laela hore ba lulise batho kaofela fatše joanng bo botala ka lihlopha. Ba lula fatše ka lihlopha tse makholo le tse mashome a mahlano. Joale a nka mahobe ao a mahlano le lihlapi tseo tse peli, a lelalla leholimong, a hlohonolofatsa ‘me a ngoatha mahobe, a aneha barutuoa ba hae hore ba a abele batho; a nt’o arolela bohle lihlapi tse peli.
Bohle ba e-ja ‘me ba khora. Eaba ba bokella marathana a mahobe le masalla a lihlapi, a tlatsang liroto tse leshome le metso e ‘meli. Ba jeleng e ne e le banna ba likete li hlano.
