Vinkmag ad

La 28 Tšitoe 2024

Beke ea 4 ea Advente

Labotšelela

Ho baloa Lengolong la Pele la Moapostola Joannes (1,5-2,2)

“Mali a Kriste a re hloekisa sebeng sohle.”

Molaetsa oo re o utloileng ho Jesu Kriste, oo re le tsebisang oona ke ona: Molimo ke leseli ‘me lefifi ha le eo ho eena le hanyenyane. Ekare ha re re re na le kopano le eena, athe re tsamaea lefifing, re bolela leshano ‘me ‘nete ha e eo liketsong tsa rona. Empa ha re tsamaea leseling joalokaha le eena a le leseling, rea phelisana ‘me mali a Jesu Kriste, Mor’a hae, a re hloekisa sebeng sohle.

Haeba re re ha re na sebe, rea ithetsa ‘me ‘nete ha e eo ho rona. Ha re ipolela libe tsa rona, Molimo o’a tšepahala ‘me o lokile, o tla re tšoarela libe tsa rona, ‘me a re hloekise bokhopo bohle. Ha re ka re ha re na sebe, rea mo shanofatsa ‘me lentsoe la hae ha le eo ho rona. Bana ba ka ba banyenyane, ke le ngolla tsena hore le se ke la etsa sebe. Empa ha e mong a ka etsa sebe, re na le ‘muelli ho ntate, e leng Jesu Kriste ea lokileng. ‘Me ke eena e leng tefelo ea libe tsa rona, eseng tsa rona feela, empa le tsa lefatše lohle.

Pesalema 123

RE PHONYOHILE JOALOKA NONYANA LERABENG LA SECHEHI

Hoja Morena a sa ka ema le rona,

ha batho ba re tsohela matla,

ba ka be ba re koentse tala,

ha khalefo ea bona e re tloketse.

Liphororo li ka be li re hohotse,

metsi a re khamme,

re ka be re khanngoe ke metsi a likhohola

Ho rorisoe Morena, ea sa kang a re lesa

menong a bona joaloka sefifi.

Re phonyohile joaloka nonyana lerabeng la sechehi.

leraba la khaoha, ra phonyoha.

Thuso ea rona e lebitsong la Morena.

ea entseng leholimo le lefatše.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (2,13-18)

“Heroda a romela ho bolaea bana bohle ba neng ba le Bethlehema.”

Hoba ba bohlale ba tsoang Bochabela ba tlohe, lenyeloi la Morena la be le itlhahisa ho Josefa torong, le re: Tsoha, u nke ngoana le ‘m’ae, u tšabele Egepeta, u be u emise teng ho fihlela ke u bolella; hobane Heroda o tla batla ngoana hore a mo timetse.

Ke ha Josefa a tsoha, a nka ngoana le ‘m’ae bosiu a leba Egepeta, ‘me a emisa teng ho fihlela Heroda a e-shoa, hore ho tle ho phethahale se neng e ile boleloa ke Morena ka moprofeta, ha a re: Ke le ka bitsa mora oa ka ha a ne a le Egepeta.

Joale, Heroda, ha a lemoha hore o qhekeletsoe ke ba bohlale, a halefa haholo, ‘me a romela ho bolaea bana bohle ba neng ba le Bethlehema le ka mathoko ‘ohle ho tloha ka ba lilemo tse peli le ba katlaase, ho ea ka nako eo a neng a e botsitse ba bohlale. Ke moo ho ileng ha phethahala se boletsoeng ke moproteta Jeremia, ha a re: Lentsoe le utloahetse Rama, sello le seboko se seholo: ke Rakele ea llelang bana ba hae, ‘me o hana ho tšelisoa, hobane ba timetse.

Vinkmag ad

Read Previous

La 27 Tšitoe 2024

Read Next

O keteka lilemo tse 100 tsa tsoalo

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular