Vinkmag ad

La 17 Tšitoe 2024

Beke ea 3 ea Advente

Labobeli

Ho baloa Bukeng ea Genese. (49,2.8-10)

“Lere la borena le ke ke la tloha ho Juda.”

Matsatsing ao, Jakobo a bitsa bara ba hae, ‘me a re ho bona: Phuthehang le mamele, lona bara ba Jakobo, mamelang ntat’a lona Israele. Uena Juda, bana beno ba tla u rorisa; u tla tšoara lira tsa hau ka molala, bana ba ntat’ao ba tla inama pel’a hau.

Juda ke taoana; mor’a ka, u tsoa khapong. O lutse a bothile joaloka tau, le joaloka tauhali; a ka tsosoa ke mang? Lere la borena le ke ke la tloha ho Juda, kapa molamu oa bolaoli pakeng tsa maoto a hae, ho fihlela mong’a tsona a e-tla, eo lichaba li tla mo mamela.

PESALEMA 71

TšIUNG TSA HAE TOKA E TLA ATA, LE KHOTSO EA ‘NETE HO ISA MENGOAHENG EA MENGOAHA.

Oho Molimo, ak’u nehe khosi matla a hau a ho ahlola,

ho mora oa khosi toka ea hau,

a tle a ahlole sechaba sa hau ka toka

le mafutsana a hau ntle le leeme.

Lithaba li ke li tlisetse sechaba khotso,

O tla ahlolela ba hlophehileng sechabeng,

a pholose bana ba mohloki.

Tšiung tsa hae toka e tla ata,

le khotso ea ‘nete ho fihlela khoeli e fella ruri.

O tla rena ho tloha leoatleng le leng

ho ea kena ho le leng,

le ho tloha Nokeng ho isa lipheletsong tsa lefatše.

Lebitso la hae le se ke la lebaloa ho isa khale,

le ‘ne le hopoloe ha feela letsatsi le ntse le chaba.

Merabe eohle ea lefatše e tla hlohonolofala ka eena,

lichaba tsohle li tla ‘mitsa ea lehlohonolo.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (1,1-17)

“Leloko la Jesu Kriste, mora oa Davida.”

 Buka ea leloko la Jesu Kriste, mora oa Davida, mora oa Abrahama:

Abrahama o ne a tsoale Isaaka.

Isaaka a tsoala Jakobo.

Jakobo a tsoala Juda le bana babo.

Juda a tsoala Farese le Zarame ka Thamare.

Farese a tsoala Esrome. Esrome a tsoala Arame.

Arame a tsoala Aminadaba.

Aminadaba a tsoala Naasone.

Naasone a tsoala Salmone.

Salmone a tsoala Booze ka Rahaba.

Booze a tsoala Obede ka Ruthe.

Obede a tsoala Jesse.

Jesse a tsoala khosi Davida.

Davida eena a tsoala Salomone ka mohats’a Uria.

Salomone a tsoala Roboama.

Roboama a tsoala Abia.

Abia a tsoala Asa.

Asa a tsoala Josafate.

Josafate a tsoala Jorama.

Jorama a tsoala Oziase

 Oziase a tsoala Jothama.

Jothama a tsoala Akaze.

Akaze a tsoala Ezekiase.

Ezekiase a tsoala Manasse.

 Manasse a tsoala Amone

Amone a tsoala Josiase.

Josiase a tsoala Jekoniase le bana babo

ka nako ea ho fallisetsoa Babilone.

Kamor’a ho fallisetsoa Babilone,

Jekoniase a tsoala Salathiele.

Salathiele a tsoala Zorobabele.

Zorobabele a tsoala Abiude.

Abiude a tsoala Eliakime.

Eliakime a tsoala Azore.

Azore a tsoala Sadoke.

Sadoke a tsoala Akhime.

Akhime a tsoala Eliude.

Eliude a tsoala Eleazare.

Eleazare a tsoala Mathane.

Mathane a tsoala Jakobo.

Jakobo a tsoala Josefa, mohats’a Maria,

mosali eo Jesu, ea bitsoang Kriste,

a neng a tsoaloe ke eena.

Ha ho le joalo, meloko eohle ho tloha ho Abrahama ho isa ho Davida e bile meloko e leshome le metso e mene; ho tloha ho Davida ho isa nakong ea ho fallisetsoa Babilone e bile meloko e leshome le metso e mene; ‘me ho tloha nakong ea ho fallisetsoa Babilone ho isa ho Kriste, e bile meloko e leshome le metso e mene.

Vinkmag ad

Read Previous

La 16 Tšitoe 2024

Read Next

La 18 Tšitoe 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular