Vinkmag ad

La 9 Tsitoe 2024

MOKETE O MOHOLO OA Kemolo e se nang sekoli ea Maria

‘Mantaha

Ho baloa Bukeng ea Genese. (3,9-15.20)

“Ke tla thoma bora pakeng tsa hau le mosali, pakeng tsa lesika la hau le lesika la hae.”

Hoba Adama a je tholoana ea sefate, Morena Molimo a ‘mitsa, a re ho eena: U hokae? Adama a araba a re: Ke utloile liqi tsa hau serapeng, ka utloa ke tšaba hobane ke feela; ke ha ke ipata. Morena a re: Ke mang ea u lemositseng hore u feela? E seng u s’u jele tholoana ea sefate seo ke itseng: U se ke ua se khola?

Adama a re: Mosali eo u ‘nehileng eena hore ke lule le eena, ke eena ea mphileng tholoana ea sefate, eaba kea ja. Morena Molimo a re ho mosali: U entse life? Mosali a araba, a re: Noha e nqhekeletse, ka ba ka ja.

Eaba Morena Molimo o re ho noha: Ere ka ha u entse sena, u rohakehile har’a liphoofolo tsohle tse ruiloeng le tsa naha. U tla holoba ka mpa, u je lerole ka matsatsi ‘ohle a bophelo ba hau. Ke tla thoma bora pakeng tsa hau le mosali, pakeng tsa lesika la hau le lesika la hae: lona le tla u khoba hloho, ‘me uena u tla le loma serethe.

Adama a reha mosali oa hae Eva, hobane e le ‘m’a bohle ba phelang.

PESALEMA 97

BINELANG MORENA SEFELA SE SECHA, HOBANE O ENTSE TSE TSOTEHANG.

Binelang Morena sefela se secha,

hobane o entse tse tsotehang.

O hlotse ka seatla sa hae,

ka letsoho le halalelang la hae.

Morena o bontšitse pholoho ea hae,

o bonahalitse toka ea hae mahlong a lichaba.

O ikhopolitse mohau le botšepehi ba hae

bakeng la ntlo ea Israele.

Liqola tsohle tsa lefatše

li bone pholoho ea Morena oa rona.

Lona mafatše ‘ohle, etsetsang Morena litlatse,

hlasimolohang ke thabo, le mo roke ka lifela.

Ho baloa Lengolong la Moapostola Paulosi ho Ba-Efese. (1,3-6.11-12)

“O ikhethetse rona ka Kriste, lefatse le e-s’o thehoe”

Bana beso! Ho bokoe Molimo, Ntat’a Morena oa rona Jesu Kriste ea re hlohonolofalitseng ka mahlohonolo ‘ohle a moea ho Kriste maholimong. O ikhethetse rona ka Kriste, lefatše le e-s’o thehoe, hore re be bahalaleli, re hloke letheba mahlong a hae ‘me re phele ka lerato. O itheretse rona, e sa le pele ho re etsa bana ba hae ka Jesu Kriste, ka mosa le ka boithatelo ba hae, ho tle ho rorisoe letlotlo la mohau oa hae, oo a re sitsitseng ka oona, ka baka la Mora oa hae ea ratehang.

Ke ho Kriste re entsoeng lefa la Molimo ka ho khethoa e sa le pele, ho ea ka thato ea Ea sebetsang tsohle ka ho rata ha hae feela, e le hore, thorisong ea letlotlo la hae, e tle e be rona ba tšepileng Kriste pele.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka. (1,26-88)

“Bona, u tla emola popelong, u belehe mora.”

Khoeling ea botšelela, lenyeloi Gabriele la romeloa ke Molimo motseng oa Galilea o bitsoang Nazaretha, ho Movirigo ea neng a qetsoe ke monna ea bitsoang Josefa, oa ntlo ea Davida. Lebitso la Movirigo e ne e le Maria.

Lenyeloi la fihla ho eena, la re: Ahe, ea tlotliloeng haholo, Morena o na le uena; u lehlohonolo har’a basali. A ferekanngoa ke lentsoe lena, ‘me a ipotsa hore na tumeliso ena e bolela’ng.

Eaba lenyeloi le re ho eena: Se tšohe Maria, hobane u fumane mohau ho Molimo. Bona, u tla emola popelong, u belehe mora, ‘me u tla mo reha lebitso la Jesu. O tla ba moholo, a bitsoe Mora oa Ea holimo-limo.

Morena Molimo o tla mo neha terone ea Davida ntat’ae; o tla rena holim’a ntlo ea Jakobo ka bosafeleng, ‘me borena ba hae ha bo ka ke ba e-ba le bofelo.

Maria a re ho lenyeloi: Hoo ho tla etsahala joang, ha e le moo ke sa tsebe monna? Lenyeloi la araba, la re ho eena: Moea o halalelang o tla theohela ho uena, ‘me matla a Ea holimo-limo a tla u haeletsa. Ka baka leo Ea halalelang ea tla belehuoa ke uena o tla bitsoa Mora oa Molimo. Le eena Elisabetha, mohaeno, o emotse mora botsofaling ba hae, ‘me ena ke khoeli ea botšelela ho eo ea neng a bitsoa nyopa; hobane ha ho letho le ka sitang Molimo.

Ke ha Maria a re: Ke ‘na enoa lekhabunyane la Morena; ha ho ke ho etsoe ho ‘na ka ho ea ka polelo ea hau. ‘Me lenyeloi la mo siea.

Vinkmag ad

Read Previous

Paki e keteka letsatsi la HIV/AIDS

Read Next

La 10 Tšitoe 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular