Beke ea 1 ea Advente
Labohlano
Ho baloa Bukeng ea Moprofeta Isaia. (29,17-24)
“Mohlang oo, mahlo a lifofu a tla bona.”
Ke sena seo Morena Molimo a se bolelang: Ho se ho se hokae, pele Lebanone e fetoha tšimo e behang, tšimo e behang eona e tsejoe e le moru. Mohlang oo, bo-tsebe-tutu ba tla utloa mantsoe a bukeng, mahlo a lifofu a tla bona, a lokolohile lefifing le letšo.
Ba eisehang ba tla ithabela ka Morena ho-ea-ho-ile, bahloki ba nyakalle ka Ea Halalelang oa Israele. Motlatlapi ha a sa tla ba teng, mosomi o tla nyamela; bohle ba ikemiselitseng ho etsa bobe ba tla felisoa, ba tsoang motho ka polelo feela, ba qhekellang moahloli khorong ea motse, ba hlolisang ea lokileng nyeoe ntle le toka.
Ka baka leo Morena, Molimo oa ntlo ea Jakobo, eena ea lopolotseng Abrahama, o bua joana: “Ho tloha joale Jakobo ha a sa tla ba lihlong ka letho, sefahleho sa hae ha se sa tla bontša tšabo. Bana ba hae ba tla tlotlisa lebitso la ka, ha ba bona seo letsoho la ka le se entseng har’a bona.”
“Ba tla tlotlisa Ea Halalelang oa Jakobo, ba tšabe Molimo oa Israele. Ba kelello li fositseng ba tla ba le kutloisiso, ba koma-komang ba ithute mamelo.”
PESALEMA 26
MORENA KE LESELI LA KA LE PHOLOHO EA KA.
Morena ke leseli la ka le pholoho ea ka,
nka tšaba mang?
Morena ke tšireletso ea bophelo ba ka,
nka tšosoa ke mang?
Seo feela ke se kopang ho Morena,
seo ke se laba-labelang,
Ke ho lula tlung ea Morena
matsatsi ‘ohle a bophelo ba ka,
hore ke tle ke bohe botle ba Morena,
‘me ke ‘matle tempeleng e halalelang ea hae.
Ke kholoa ruri hore ke tla bona molemo oa Morena
lefatšeng la ba phelang.
Tšepa Morena, u tšoare u tiee;
beta pelo, u tšepe Morena.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (9,27-31)
“Lifofu tse peli tse lumelang ho Jesu lia folisoa.”
Ha Jesu a feta, lifofu tse peli tsa mo latela, li ntse li hooa, li re: “Mor’a Davida, ak’u re hauhele!” Hoba a kene ka tlung, lifofu tseo tsa tla ho eena, eaba Jesu o re ho tsona: “Na le lumela hore ke na le matla a ho etsa joalo?” Tsa re ho eena: “E, Morena.”
Eaba o ama mahlo a tsona, o re: “A le ke le etsetsoe ho ea ka tumelo ea lona!” Mahlo a tsona a tutuboloha. Jesu a ba a li laea, a re: “hlokomelang hore ho se be motho ea ka tsebang.”
Empa tsona ha li se li tsoile, tsa mo tumisa lefatšeng leo lohle.
