Vinkmag ad

La 5 Tšitoe 2024

Beke ea 1 ea Advente

Labone

Ho baloa Bukeng ea Moprofeta Isaia. (26,1-6)

“Sechaba se lokileng, se nang le botšepehi, se kene.”

Mohlang oo, naheng ea Juda ho tla binoa sefela sena: Re na le motse o tiileng: Molimo o o sirelelitse ka lerako le ka qhobosheane. Bulang likhoro, hore sechaba se lokileng, se nang le botšepehi, se kene. Sechaba se merero e tileng, u se bolokela khotso, hobane se u tšepile.

Tšepang Morena ka mehla, Morena ke lefika la mengoaha le mengoaha. 0 theola ba ahileng liqhooeng, motseng o sa fihleloeng habonolo; o o lihela fatše, o o lahlela leroleng. Maoto a o hatakelang ke maoto a ba eisehang le a bahloki.

PESALEMA 117

HO BOKOE EA TLANG KẠ LEBITSO LA MORENA.

Bokang Morena, hobane o molemo,

mohau oa hae ke o sa feleng.

Ho molemo ho tšabela ho Morena

ho e-na le ho tšepa motho.

Ho molemo ho tšabela ho Morena,

ho e-na le ho tšepa mahosana.

Mpuleleng likhoro tse isang tokeng,

ke tla kena ka tsona, ke boke Morena.

Ke ena khoro ea Morena,

ba lokileng ba tla kena ka eona.

Kea u boka, hobane u nkarabile,

u bile mopholosi oa ka.

Oho Morena, ak’u fane ka pholoho!

Oho Morena, ak’u fane ka katleho!

Ho bokoe ea tlang ka lebitso la Morena.

Re le hlohonolofatsa re le ka tlung ea Morena.

Morena ke Molimo,

o re file leseli.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (7,21.24-27)

“Ea etsang thato ea Ntate o tla kena ‘Muso oa maholimo.”

Jesu a re ho barutuoa ba hae: Ha se ka ho re: Morena, Morena, ho tla kenoa ‘musong oa maholimo, empa ho tla kenoa ka ho etsa thato ea Ntate ea maholimong. Ha ho le joalo, mang le mang ea utloang mantsoe ana a ka, a a phetha, o tla tšoantšoa ka monna ea bohlale, ea ahileng ntlo ea hae holim’a letlapa. Pula ea na liphororo tsa matha, meea ea foka, ea khahlela ntlo eo, empa ha ea ka ea oa, hobane e ne e thehiloe holim’a  letlapa.

Athe mang le mang ea utloang mantsoe ana a ka a sa a phethe, o tla tšoantšoa ka monna ea sethoto, ea ahileng ntlo ea hae lehlabatheng. Pula ea na, liphororo tsa matha, meea ea foka, ea tsukutla ntlo eo, eaba ea oa, ‘me ho oa ha eona ea e-ba ntho e tšabehang.

Vinkmag ad

Read Previous

La 4 Tšitoe 2024

Read Next

La 6 Tšitoe 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular