Vinkmag ad

Litlaleho li beha LHDA ka mosing

Molula-Setulo oa Komiti e alositseng Lihloliloeng le Boiketlo ba Sechaba, Moeketsi Motšoane, o re liphuputso tsa komiti li hlahisa hore Morero oa Metsi a Lihlaba tsa Lesotho (LHDA) ha oa phethahatsa litšepiso tsa ona ho sechaba sa metse e mene. O boletse tsena ha kopa paramente ho ananela tlaleho ea komiti mabapi le litletlebo tsa sechaba, tulong ea la 13 Pulungoana monongoaha.

O re komiti ea habo e ile ea etsa liphuputso le ho amohela litletlebo tsa sechaba tsa metse ea Ha Mokhatli, Ha Makhalanyane, Ha Thafeng le Khorong Ha Nchela, ‘me ba fumane hore ha oa fana ka chelete e neng e reretsoe ho ntšetsa pele merero ea baahi ea boipheliso le lintlafatso.

O re taba tsena ha li’a phethahala leha morero o ne o reretsoe ho ntlafatsa sechaba sa linaha tsena ka bobeli. A re seo morero o neng o lokela ho se etsa ke hore ebe ba entse morero oa boipheliso ea letsatsi le letsatai ea sechaba sa libaka tse joalo.

A re ho bohlokoa hore Basotho ba phelang libakeng tsena ba ntlafatsoe e le hore bophelo ba bona bo tšoane le nako e fetileng pele morero o ba teng.

Mokhethoa oa ‘Maliepetsane Lehlohonolo  Hlapisi, o hlalositse hore tlaleho ena e supa hore ho se phethahatsoe ha litšepiso ho sechaba ke LHDA ho amoha sechaba litokelo tsa bona tsa bophelo bo ntlafetseng, ebile morero ha o sebetse hantle le sechaba.

O re litaba tsena li pakahatsoa ke litletlebo tsa sechaba tse teng, ka hona LHDA e hlokomele hore bophelo ba sechaba bo lokela ho ntlafatsa ha e amme thepa ea sona.

Tlaleho ena ke ea liphuputso tse entsoeng ke Komiti ea Likhothaletso ka malebela a likopo tse rometsoeng ke metseng ea Ha Makhalanyane, Ha Mokhathi, Ha Thafeng le Khorong Ha Nchela khahlanong le LHDA. Komiti e ile ea hlahloba linyeoe tse entsoeng mabapi le likopo tsa puseletso le lintho tse ntseng li hlokahala metseng e amehang

Liphuputso tsa komiti tsa Khorong Ha Nchela, LHDA e lumelletse hore sechaba se khethe morero oa ntlafatso ‘me ba khetha phepelo ea metsi. Chelete e setseng polokelong ea sechaba ke M608,491.50. Ha Makhalanyane, sechaba se kopile motlakase le moo ho sebetsang morero oa pele ke phepelo ea metsi. Sechaba se na le M8,911,704.59 empa ho na le likhohlano tse amanang le lisebelisoa tsa motlakase. Ha Thafeng, sechaba sa kopa tsela le ofisi ea morena empa ha ba e-šo fumane thuso.

Ha Mokhathi, ho na le litaba tsa lipelaelo mabapi le tšebeliso ea chelete moo sechaba se sa khotsofaleng ka tšebetso ea ba bang ba basebetsi ba LHDA.

Likhothaletso tsa komiti mabapi le liketsahalo tsena ke hore LHDA e tlameha ho phetha litlhoko tsa metse eohle ka ho fana ka thuso e hlokahalang. Ha Nchela, ho aha holo pele ho la 31 Mphalane monongoaha. Ha Thafeng, ho fana ka tsela le ofisi ea morena pele ho la 31 Mphalane monongoaha. Ha Makhalanyane, ho fana ka motlakase le ofisi ea morena ka nako e tšoanang. Ha Mokhathi LHDA e na le boikarabello ba ho laola tšebeliso ea chelete ea sechaba le ho etsa lipatlisiso ka tšebeliso e sa lokang ea chelete.

Vinkmag ad

Read Previous

La 15 Pulungoana 2024

Read Next

La 16 Pulungoana 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular