Vinkmag ad

La 8 Pulungoana 2024

Beke ea 31 har’a selemo

Labohlano

Ho baloa Lengolong la Moapostola Paulosi ho Ba-Filipi. (3,17-4,1)

“Re lebeletse hore O tla fetola, ‘mele ea rona e nyelisehang, a e etse e tšoanang le ‘mele oa hae o tlotlisitsoeng.”

Bana beso! Bohle le be baetsisi ba ka, ‘me le talime ba tsamaeang ka ho latela mohlala oo re le behetseng oona. Hobane ba bangata, bao ke seng ke buile ka bona hangata, le hona joale ke sa ba bolela hape ka meokho, ba tsamaea e le lira tsa sefapano sa Kriste. Qetello ea bona, e tla ba timelo: molimo oa bona ke mpa ea bona ‘me ba ithorisa ka tse lihlong tsa bona; ba hopola tsa lefatše feela.

Ha e le rona, lehae la rona le leholimong; re lebeletse, ka takatso e kholo, hore Morena Jesu Kriste o tla hlaha teng e le mopholosi oa rona. O tla fetola ‘mele ea rona e nyelisehang, a e etse e tšoanang le ‘mele oa hae o tlotlisitsoeng, ka matla ao a nang le ona a ho beha tsohle ka tlas’a hae. Ka baka leo, bana beso ba ratehang, bao ke ba hlolohetsoeng haholo, lona thabo ea ka le mofapahloho oa ka, tieang joalo Moreneng, baratuoa.

PESALEMA 121

KE ILE KA THABA HA HO THOE HO ‘NA: A RE EENG TLUNG EA MORENA.

Ke ile ka thaba ha ho thoe họ na:

“A re eeng Tlung ea Morena.”

Joale maoto a rona a se a hatile

likhorong tsa hau, uena Jerusalema.

Jerusalema e ahiloe e le motse

oo tsohle tsa oona li matahaneng hamonate.

Meloko eohle, e leng meloko ea Morena,

e nyolohela teng ho boka Morena,

ho ea kamoo Israele a laetsoeng kateng.

Ke moo ho behiloeng litulo tsa kahlolo,

litulo tsa ntlo ea Davida.

Kopelang Jerusalema khotso, le re:

“Ba u ratang ba ke ba pholohe.”

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka. (16,1-8)

“Bana ba lefatše lena ba masene ho feta bana ba leseli.”

Ka nako eo, Jesu a bolella barutuoa ba hae papiso ena: Ho n’o le teng motho e mong oa morui, ea neng a e-na le molisa oa lintho tsa hae; ‘me eo a qosoa ho eena ka hore o sentse leruo la hae. A ‘mitsa, a re ho eena: Ke’ng sena seo ke se utloang ka uena na? Hlahisa tsa bolisa ba hau, hobane ha u sa tla ba molisa oa lintho tsa ka. Molisa a re ka ho eena: Ke tla etsa joang, ha e le mona moren’a ka a nkamoha bolisa? Ho phethola mobu? Ha ke na matla a lekanang. Ho kopa? Ke lihlong ho etsa joalo. Be! Ke tseba seo ke tla se etsa, hore ha ke se ke tlositsoe boliseng, batho ba nkamohele matlung a bona.

Eaba o bitsa ba nang le molato ho mong’a hae ka bonngoe, ‘me a re ho oa pele: Ana u na le molato oa bokae ho mong’a ka na? Eena a re: Linkho tse lekholo tsa oli. Eaba o re ho eena: Nka lengolo la molato, lula fatše kapele, u ngole mashome a mahlano. A nt’o re ho e mong: Uena, u na le molato oa bokae na? Eo a re: Mekotla e lekholo ea koro. ‘Me a re ho eena: Nka lengolo la hau ‘me u ngole mashome a robeli.

Mong’a molisa eo ea khopo a mo rorisa, hobane o n’a entse ka masene, kaha bana ba lefatše lena ba masene ho feta bana ba leseli.

Vinkmag ad

Read Previous

La 7 Pulungoana 2024

Read Next

TK ‘mokeng oa Youth Connekt Afrika

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular