Beke ea 27 har’a selemo
Sehopotso sa Daniele Comboni ea Halalelang, Mobishopo
Labone
Ho baloa Lengolong la Moapostola Paulosi ho Ba-Galata. (3,1-5)
“Na le amohetse Moea ka ho phetha mesebetsi ea molao kapa ka ho lumela seo le se rutiloeng?”
Lona Ba-Galata ba lithoto, ke mang ea le khelositseng tjena? Empa Jesu Kriste ea thakhisitsoeng o ile a tšoantšoa mahlong a lona! Ke rata ho tseba ntho e le ‘ngoe feela ka lona: Na le amohetse Moea ka ho phetha mesebetsi ea Molao kapa ka ho lumela seo le se rutiloeng?
Le thotofetse hakakang, ha e le moo le qalile ka Moea, empa joale le qetella ka nama! Ana le mameletse mahloko a makalo feela, haeba ehlile ke ka lefeela? Ha ho le joalo, ea le abelang Moea ‘me ea etsang mehlolo har’a lona, na o etsa joalo hobane le phetha mesebetsi ea Molao kapa hobane le lumela seo le se rutiloeng?
PESALEMA (Lk. 1,69-75. R. 68)
HO BOKOE MORENA MOLIMO OA ISRAELE HOBANE O ETETSE SECHABA SA HAE.
Morena o re hlometse matla a pholoho
tlung ea Davida, mohlanka oa hae,
joaloka ha a n’a boletse ka molomo oa bahalaleli,
e leng baprofeta ba hae ba mehla ea khale.
Ke pholoho ho rona lireng tsa rona,
liatleng tsa bohle ba re hloileng.
Ena ke ketso ea mohau ho bo-ntat’a rona,
ke khopotso ea selekane se halalelang sa hae.
Ke kano eo a e hlapanyelitseng
Abrahama, ntat’a rona,
ea hore o tla re ntša liatleng tsa lira tsa rona,
a etse hore re mo sebeletse, re sa tšabe letho,
ka khalalelo le ka ho loka,
re le pel’a hae ka litšiu tsohle tsa rona.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka. (11,5-13)
“Kopang, le tla fuoa.”
Ka nako eo, Jesu a re ho barutuoa ba hae. Mohlomong e mong oa lona o na le motsoalle, eo a eang ho eena ka seroko, a re: Motsoalle, nkalime mahobe a mararo, hobane motsoalle oa ka o mphapohetse a etsoa leetong, ‘me ha ke na seo nka mo fang sona! Ebe eena o mo araba a le ka tlung, o re: U se ke ua nkhathatsa; monyako o se o koetsoe, rona le bana ba ka re robetse, nke ke ka tsoha ho u fa. Joale kea le bolella, leha a ke ke a tsoha ho mo fa hobane ke motsoalle oa hae, o tla tsoha ka baka la ho khathatsa ha hae, a mo fe tsohle tseo a li hlokang.
Le ‘na ke re ho lona: Kopang, le tla fuoa; batlang le tla fumana; kokotang le tla buleloa. Hobane mang le mang ea kopang oa fuoa; ea batlang oa fumana ‘me ea kokotang o tla buleloa.
Ke mang oa lona eo e leng ntata, eo ekareng ha mora oa hae a mo kopa hlapi, eaba o mo fa noha bakeng sa hlapi na? Kapa ha a mo kopa lehe, ebe o mo fa phepheng na?
Ha esita le lona le leng babe, le tseba ho fa bana ba lona tse molemo, Ntat’a lona ea leholimong o tla fana hakakang ka Moea o Halalelang ho ba mo kopang!
