Vinkmag ad

La 3 Mphalane 2024

Beke ea 26 har’a selemo

Labone

Ho baloa Bukeng ea Jobo. (19,21-27)

“Kea tseba, Mophetetsi oa ka oa phela.”

Jobo a re: Nkhauheleng, nkhauheleng, lona metsoalle ea ka, hobane letsoho la Molimo le nkamme. Le

nqophela’ng joaloka Molimo? Ha le e-s’o khotsofale ke ho ntsoepa-tsoepa? Hoja mantsoe a ka a ka ngoloa, hoja a ka hatisoa holim’a koporo, a hatisoa ka tšepe holim’a loto, a chekeloa letlapeng hore a sale teng kamehla.

‘Na kea tseba, Mophetetsi oa ka oa phela, ‘me qetellong ke eena ea tla ema holim’a lefatše; esita leha ke se ke mumuhile letlalo, ke tla ‘ne ke bone Molimo e le ‘na ka seqo. Ke tla ‘mona a eme le ‘na, mahlo a ka a mo talime e ntse e le eena. Pelo ea ka e ea tetebela ka sefubeng sa ka.

PESALEMA 26 (7-9.13-14. R. 13)

KE KHOLOA RURI HORE KE TLA BONA MOLEMO OA MORENA LEFATšENG LA BA PHELANG.

Mamela lentsoe la ka, Morena,

ha ke hoeletsa ho uena; nkhauhele ‘me u nkarabe.

Ha ke e-s’o lebale hore u itse;

“Batlang sefahleho sa ka!”

Ehlile kea se batla, sefahleho seo sa hau, Morena;

u se ke ua mpatela sona,

khalefong ea hau u se ke ua tebela mohlanka oa hau.

Ke kholoa ruri hore ke tla bona molemo oa Morena

lefatšeng la ba phelang.

 Tšepa Morena, u tšoare u tiee;

beta pelo, u tšepe Morena.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka. (10,1-12)

“Khotso ea lona e tla lula ho eena.”

Ka nako eo, Morena a thonya ba bang, ba mashome a supileng a metso e ‘meli, ‘me a ba roma ka bobeli ho mo etella pele metseng le liqalong tsohle moo a neng a tla ea teng ka sebele sa hae. Eaba o re ho bona:

Kotulo ehlile e kholo, empa bakotuli ha ba bakae; ha ho le joalo, rapelang Mong’a kotulo hore a romele basebetsi kotulong ea hae. E-eang! Ke hlile ke le roma joaloka likonyana har’a liphiri. Le se ke la nka mokotlana oa chelete, leha e le khetsi kapa meqathatso; ‘me le se ke la lumelisa motho tseleng.

Tlung efe le efe eo le kenang ho eona, qalang ka ho re: Khotso e be tlung ena. Ha ba motho a ratang khotso a le teng moo, khotso ea lona e tla lula ho eena: ho seng joalo, e tla khutlela ho lona. Le lule tlung eona eo, le e-ja ‘me le e-noa seo ba nang le sona: kaha mosebetsi o lokeloa ke moputso oa hae. Le se ke la ea le matlo.

Motseng ofe kapa ofe oo le kenang ho oona, ha batho ba teng ba le amohela, jang tseo le li phomosetsoang. Folisang bakuli ba ho oona, le be le re ho bona: ‘Muso oa Molimo o haufi le lona. Empa motseng ofe kapa ofe oo le kenang ho oona, ha batho ba teng ba sa le amohele, le tsoele mapatlelong a oona, le re: Esitana le lona lerole le khorametseng maoto a rona re le hlohlorela ho lona: feela le tsebe hona: ‘Muso oa Molimo o s’o atametse. Kea le bolella, tsatsing la kahlolo, litaba tsa Sodoma li tla ba bobebe ho feta tsa motse oo.

Vinkmag ad

Read Previous

La 2 Mphalane 2024

Read Next

La 4 Mphalane 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular