Beke ea 26 har’a selemo
Sehopotso sa Jerome, Moprista le Moruti oa Kereke
‘Mantaha
Ho baloa Bukeng ea Jobo. (1,6-22)
“Molimo o n’a mphile, Morena o nkamohile: ho bokoe lebitso la Morena.”
Ka tsatsi le leng, ha bara ba Molimo ba tl’o hlaha kapel’a Morena, Satane le eena a kena har’ a bona. Morena a re ho Satane: “U tsoa kae?” Satane a araba Morena, a re: “Ke tsoa solla lefatšeng, le ho itsamaela ho lona.” Morena a re ho Satane: “Na u ile ua ela hloko Jobo, mohlanka oa ka? Ha ho motho ea kang eena lefatšeng, ka ho hloka nyatseho, ka ho loka, ka ho tšaba Molimo le ka ho sesefa bobe.”
Satane a araba Morena, a re :”Ebe Jobo a ka hla a tšaba Molimo feela-feela tjee? Ha ke re, u mo lika-likelitse ka seotloana, eena le ba ntlo ea hae, ‘moho le sohle seo a nang le sona? U hlohonolofalitse mesebetsi, eohle ea matsoho a hae, le mehlape ea hae e tletse kahohle. Empa ak’u otlolle letsoho la hao, u thetse seo a nang le sona: u tlu bone hore na a ke ke a u rohaka u nts’u le teng.”
Morena a re ho Satane: “Ke hantle, sohle seo a nang le sona se matleng a hao; empa eena, u se mo ise letsoho.” Eaba Satane o tloha pel’a Morena.
Ea na eare ka tsatsi le leng, ha bara le barali ba Jobo ba itjella, ba inoella veine ka tlung ea moholoane oa bona, ha fihla leqosa ho Jobo, la re: “E n’e le ha likhomo li ntse li lema, le liesele li fula pel’a tsona, ha ba-Sabea ba li tsometsa, ba li hapa, ba ba ba bolaea le bahlanka ba hao ka sabole. Ke ‘na feela ea phonyohileng ho tla u tsebisa.”
Eare eo a sa bua, ha fihla e mong, a re: “’Mane oa letolo o theohile leholimong, o otlile linku le bahlanka ba hao ‘me o ba chesitse kaofela. Ke ‘na feela ea phonyohileng ho tla u tsebisa.” Eo a sa bua, ha fihla e mong, a re; “Ba-Kaldea ba ile ba ikarola likoto tse tharo, ba tšolohela likamele, ba li hapa, ba ba ba bolaea le bahlanka ba hao ka sabole. Ke ‘na feela ea phonyohileng ho tla u tsebisa.”
Eo le eena a sa ntsane a bua, ha fihla e mong hape, a re: Ha bara le barali ba hao ba ntse ba itjella, ba inoella veine ka tlung ea moholoane oa bona, moea o matla o hlahang feelleng oa khahlela lintlha tse ‘ne tsa ntlo, ea oela bana ba hao holimo, ba timela. Ke ‘na feela ea phonyohileng ho tla u tsebisa.”
Eaba Jobo oa ema, o tabola seaparo sa hae, o beola hlooho; a nt’o itihela fatše ho khumamela Molimo, a re: “Ke tsoile popelong ea ‘m’e ke le feela, ke tla khutlela teng ke ntse ke le feela. Morena o n’a mphile, Morena o nkamohile: ho bokoe lebitso la Morena.” Har’a tsena tsohle Jobo ha a ka a etsa sebe, ha a ka a beha Molimo molato.
PESALEMA 16 (1-3.6-7. R. 6)
SEKEHA TSEBE, U MAMELE LENTSOE LA KA.
Ak’u mamele, Morena ha ke ikopela toka,
u utloe mohoo oa ka,
u sekehele thapelo ea ka tsebe,
hobane e tsoa molomong o se nang thetso.
A nke ke ahloloe ke uena:
mahlo a hao a ichebetse toka feela.
Leha u ka hlahloba pelo ea ka,
leha u ka ntisa bosiu bohle, ‘me ua ‘nonya,
ha u ka ke ua fumana letho.
Ke hoeletsa ho uena, Molimo oa ka,
hobane u tla nkaraba.
Sekeha tsebe, u mamele lentsoe la ka.
U bonahatse kamoo mohau oa hao o tsotehang kateng,
uena ea pholosang ka letsoho la hao
ba balehelang hole le ba ba hlaselang.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka. (9,46-50)
“E leng e monyenyane har’a lona bohle, ke eena eo e leng e moholo.”
Ka nako eo, barutuoa ba qala ho tseka hore na e moholo har’a bona ke mang. Empa Jesu, ka ho tseba mehopolo ea lipelo tsa bona, a nka ngoana e monyenyane ‘me a ‘meha pel’a hae, ‘me a re ho bona: Mang le mang ea amohelang ngoana enoa ka baka la ka, o amohela ‘na; ‘me mang le mang ea nkamohelang o amohela ea nthomileng. Hobane eo e leng e monyenyane har’a lona bohle, ke eena eo e leng e moholo.
Eaba Joannes oa bua, a re: Moruti, re bone motho e mong a nts’a leleka bademone ka lebitso la hao ‘me ra mo thiba, hobane ha a u latele le rona. Jesu a re ho eena: Le se ke la mo thiba, hobane ea sa le loantšeng o ea le łona.
