Vinkmag ad

La 28 Loetse 2024

Beke ea 25 har’a selemo

Labotšelela

 Ho baloa Bukeng ea Moruti. (11,9-12,8)

“Hopola ‘Mopi oa hao matsatsing a bohlankana ba hao, pele lerole le khutlela fatše, le phefumoloho e khutlela ho Molimo.”

Mohlankana, nyakalla u sa le mocha, pelo ea hao e tlale thabo matsatsing a bohlankana ba hao. Latela se lakatsoang ke pelo ea hao le se khahlang mahlo a hao; feela u tsebe hore Molimo o tla u tlama ho ikarabella holim’a tsena tsohle. Tlosa matšoenyeho pelong ea hao, u qhelele bohloko thoko le ‘mele oa hao. Leha ho le joalo bocha le bongoana ke lefeela.

Hopola Mopi oa hao matsatsing a bohlankana ba hao, pele ho e-tla matsatsi a bomalimabe, ‘me ho fihla lilemo tseo, ha u bua ka tsona, u tla re: “Tsena ha li nkhahle;” pele letsatsi, leseli, khoeli le linaleli li fifala, ‘me maru a thiba kamora’ pula; mohla balebeli ba ntlo ba qalang ho thothomela le linatla tsa banna ho khokhoba, basali ba silang ba khaotsa hobane ba se ba se bakae, le ba hlahang ka lifenstere ba fifala; ha mamati a tsoelang kantle a s’a koetsoe, ha molumo oa leloala o kokobela, ha lentsoe la serobele le khutsa, le lipina li se li utloahala hasesanyane; ha motho a se a tšaba moepa, le tsela e mo tšosa; ha tholoana ea almonde e se e sa lakatsehe, le tsienyane e pipitlela, le ho noka lijo ho se na thuso hobane motho o s’a ikela lehaeng la hae le sa feleng, le ba llelang mofu ba se ba potoloha mapatlelong.

Hopola ‘Mopi pele mohala oa silevera o khaoha, ‘me lebone la gauda le e-shoa, pele nkho e pshatleha selibeng, ‘me lebili le nyollang metsi le robeha, pele lerole le khutlela fatše moo le tsoileng teng, le phefumnoloho e khutlela ho Molimo ea faneng ka eona. Lefeela la mafeela feelane, ho rialo Moruti. Tsohle ke lefeela.

PESALEMA 89 (3-6.12-13.14 le 17. R. 1)

MORENA, U BILE SETšABELO SA RONA HO TLOHA MOLOKONG HO ISA MOLOKONG.

U busetsa motho leroleng,

u re: “Boelang moo u tsoang, ngoan’a Adama.”

Mahlong a hao lilemo tse sekete

li ka letsatsi la maobane le seng le fetile,

li ka hora ea phalimeho ea bosiu.

U hlakola batho, eb’e ke ke toro;

ba ka joang bo tlokomang hoseng;

hoseng boa mela, bo tlokome,

mantsiboea boa pona, bo omelle.

Re rute ho hlophisa matsatsi a rona,

re tle re rue bohlale ba ‘nete.

Khutla, Morena, u liehela’ng?

Qenehela bahlanka ba hao.

U re khorise mohau oa hao e sa le hoseng,

re tle re nyakalle,

re thabe bophelong bohle ba rona.

Mosa oa Morena, Molimo oa rona,

o k’o theohele ho rona!

Ak’u re atlehisetse mosebetsi oa matsoho a rona

u atlehise mosebetsi oa matsoho a rona.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka. (9,44-45)

“Mor’a motho o tla neheloa liatleng tsa batho. Ba tšaba ho ‘motsa ka polelo eo.”

Ka nako eo, ha batho bohle ba ntse ba makaletse tsohle tseo Jesu a neng a li etsa, eena a re ho barutuoa ba hae: Bolokang polelo ena lipelong tsa lona: Mor’a motho o tla neheloa liatleng tsa batho.

Empa bona ha ba ka ba utloisisa polelo eo; e ne e siretse ho bona, hoo ba sa kang ba utloisisa hore na e re’ng: ‘me ba ne ba tšaba ho ‘motsa ka polelo eo.

Vinkmag ad

Read Previous

Toantšo ea khiro ea bana

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular